PINA YA 13
Kreste o re Behetse Mohlala
Printed Edition
1. Jah o re bontshitse
Hore o’a re rata.
O tetse Mora molemong wa rona.
Kreste o behile
Mohlala o motle.
O ile a hlompha Ntate wa hae.
2. Lentswe la Jehova
Le ile la etsa
Hore a be le tsebo le bohlale.
O tetse ntho tsohle,
A thabisa Ntate,
A etsa thato ya hae ka mehla.
3. Re etsiseng Jesu
Ka ho mamela Jah
Le ho mo thabisa ka mehla yohle.
Jah o tla re putsa
Bophelong ba rona
Ha re etsisa Jesu nthong tsohle.
(Sheba le Joh. 8:29; Baef. 5:2; Bafil. 2:5-7.)