PINA YA 14
Rorisang Morena e Motjha wa Lefatshe
Printed Edition
1. Letshwele le tswang ditjhabeng
le bokane ha mmoho.
Le bokeletswe ke Kreste
le batlotsuwa ba hae.
Mmuso wa Jah o s’o busa.
Re rapella thato ya hae.
Re na le tshepo e thabisang,
E re tshedisang haholo.
(KHORASE)
Rorisang Jehova le Mora wa hae Jesu
Ka ha jwale ke Morena.
A re kopaneng bohle re hlomphe
Jesu Moren’a rona.
2. Re rorisa Jesu Kreste.
Re bina re thabile.
Kgosana ena ya Kgotso
e tla pholosa batho.
Re lebeletse ho bona
Ho na le kgotso lefatsheng.
Ho tla tsoswa le ba mabitleng.
Bohle re thabe haholo!
(KHORASE)
Rorisang Jehova le Mora wa hae Jesu
Ka ha jwale ke Morena.
A re kopaneng bohle re hlomphe
Jesu Moren’a rona.