PINA YA 20
O Fane ka Mora wa Hao
Printed Edition
1. Jehova Modimo,
O re file tshepo.
O fane ka Mora
Ho re pholosa.
Re tla o leboha,
Re o sebeletse,
Re thuse le ba bang
Ho tseba ka wena.
(KHORASE)
O fane ka Mora
Molemong wa rona.
Ka ha o re ratile,
Re tla o rorisa Ntate.
2. O mosa, o mohau.
Ka hoo re’a o rata.
Re rata le ho ba
Metswalle ya hao.
Empa sehlabelo
Sa Jesu Mor’a hao
Ke mpho ya bohlokwa
Ho feta ntho tsohle.
(KHORASE)
O fane ka Mora
Molemong wa rona.
Ka ha o re ratile,
Re tla o rorisa Ntate.
(SEPHETHO)
Jehova, Modimo, Ntate re’a leboha.
O fane ka Mora wa hao a le mong, Jesu.
(Sheba le Joh. 3:16; 15:13.)