PINA YA 23
Jehova o Qala ho Busa
1. Ke tsatsi le leholo
La hore Jah a buse.
O entse Jesu Kreste Morena.
Re roriseng Jehova.
Re bineng re thabile.
Kreste Morena
o behilwe teroneng.
(KHORASE)
Mmuso wa Jah o ruta nnete
Mme o tlisa le ho loka.
Mmuso wa Jah o tlisa thabo
Le bophelo bo sa feleng.
Rorisang Jehova Mmopi
Modimo ya lerato.
2. Kreste o filwe matla.
Bofelo bo haufi.
Puso ya Satane e tla fela.
Ke nako ya ho ruta
Batho ka Mmuso wa Jah
Mme ba bonolo
ba tla emela nnete.
(KHORASE)
Mmuso wa Jah o ruta nnete
Mme o tlisa le ho loka.
Mmuso wa Jah o tlisa thabo
Le bophelo bo sa feleng.
Rorisang Jehova Mmopi
Modimo ya lerato.
3. Kreste Moren’a rona
O bohlokwa haholo.
O filwe matla ke Ntate wa hae.
Re sebeletse Mmopi,
Re kope mosa wa hae.
Haufinyane
o tla busa dintho tsohle.
(KHORASE)
Mmuso wa Jah o ruta nnete
Mme o tlisa le ho loka.
Mmuso wa Jah o tlisa thabo
Le bophelo bo sa feleng.
Rorisang Jehova Mmopi
Modimo ya lerato.
(Sheba le 2 Sam. 7:22; Dan. 2:44; Tshen. 7:15.)