PINA YA 59
A re Roriseng Jehova
Printed Edition
1. A re bineng,
Re roriseng
Ntate wa rona ya re fang tsohle.
Re roriseng
Bitso la hae.
Mo roriseng hobane o matla.
O bontsha bohle lerato la hae.
2. Re roriseng
Morena Jah.
O araba thapelo tsa rona.
O tshedisa
Ba nyahameng.
O ba fa matla ka moya wa hae.
Re rorise bitso la Jehova.
3. A re bineng,
Re roriseng
Ntate wa rona ya nang le toka.
O tla tlisa
Mmuso wa hae
Mme o tla lokisa dintho tsohle.
Re rorise Mmopi re thabile!
(Sheba le Pes. 94:18, 19; 145:21; 147:1; 150:2; Dik. 17:25.)