PINA YA 83
“Ka Ntlo le Ntlo”
Printed Edition
1. Ka ntlo le ntlo, re bolela
Lentswe la Modimo.
Metseng yohle le mahaeng,
Re bua ka Mmuso.
Jesu o boletse a re
‘Ditaba tsa Mmuso
Di tla bolelwa ditjhabeng’
Ke Bakreste bohle.
2. Ka ntlo le ntlo, re bua ka
Ditshepiso tsa Jah
Le hore o tla pholosa
Bohle ba mo tshepang.
Empa ba tla mo tshepa jwang
Ha ba sa mo tsebe?
Re tla ba ruta ka yena
Hore ba mo tsebe.
3. Re tsamayeng ka ntlo le ntlo,
Re bolele Lentswe.
Re bolelle batho bohle
Le ba sa mameleng.
Re tla rorisa Modimo,
Re rute ka yena
Mme re tla fumana batho
Ba ratang Jehova.
(Sheba le Dik. 2:21; Bar. 10:14.)