PINA YA 87
Tloong le Kgathollwe
1. Re phela lefatsheng le kgelohileng,
Batho ha ba tsebe nnete.
Re hloka tataiso ya Modimo.
Re itshetlehe ka yena.
Diboka tsa rona di’a re kgatholla,
Di matlafatsa tumelo.
Di re susumeletsa ho ratana
Le ho etsa dintho tse ntle.
Re tla mamela Modimo wa rona.
Re batla ho mo thabisa.
Re rutwa ho dula re rata Mmopi
Le ho etsa thato ya hae.
2. Jehova o tseba tlhoko tsa rona.
Re utlwe keletso ya hae.
Re iphe nako ya ho tla dibokeng
Mme re tshepe Lentswe la Jah.
Banna ba hlomphang Modimo wa nnete
Ba re ruta tsela tsa hae.
Ka tshehetso ya bana ba bo rona,
Re tla ba matla tumelong.
Re lebeletse nako tse monate,
Re tla phela re thabile.
Dibokeng tsa rona re tla fumana
Thuto e tswang ho Modimo.
(Sheba le Pes. 37:18; 140:1; Diprov. 18:1; Baef. 5:16; Jak. 3:17.)