PINA YA 95
Lesedi le a Eketseha
1. Baprofeta ba ne ba lakaditse
Hore ba tsebe ka Mesia.
Jesu o tla pholosa batho bohle.
O se a qadile ho busa.
Moya wa Modimo o re thusitse
Ho tseba ditaba tsena.
Le bara ba Mmopi ba lehodimong
Ba batla ho di utlwisisa.
(KHORASE)
Kganya e ntse e eketseha
Mme re tsamaya leseding.
Jehova o senola nnete
Mme o tla re tataisa.
2. Jesu o kgethile mohlanka wa hae.
O fana ka dijo ka nako.
Lesedi le dula le eketseha,
Le ama dipelo tsa batho.
Tsela tsa rona e ba tse hlakileng
Mme re tsamaya leseding.
Jah o re file lesedi la nnete,
Re tla tsamaya tseleng ya hae.
(KHORASE)
Kganya e ntse e eketseha
Mme re tsamaya leseding.
Jehova o senola nnete
Mme o tla re tataisa.
(Sheba le Bar. 8:22; 1 Bakor. 2:10; 1 Pet. 1:12.)