PINA YA 96
Buka ya Modimo ke Letlotlo
1. Ho na le buka eo taba tsa yona
Di tlisetsang batho bohle kgotso.
Molaetsa wa yona o monate,
O re fa tshepo e re thabisang.
Ena ke Bibele e Halalelang.
Ditaba tsa yona di tswa ho Jah
A sebedisa batho ba mo ratang,
Ba susumetswa ke moya wa hae.
2. Ba buile ka popo ya Modimo,
Ka moo bokahohle bo bileng teng.
Ba buile ka moo batho ba pele
Ba ileng ba tloswa Paradeiseng.
Ba buile hape ka lengeloi
Le hanyeditseng bobusi ba Jah.
Yaba re qetella re na le sebe
Empa dintho tsohle di tla loka.
3. Jwale ke nako ya hore re thabe
Hobane Jesu o se a busa.
Re bolele ditaba tse monate,
Re thuse batho ba be le tshepo.
A re ithuteng Lentswe la Modimo
Hore re be le kgotso e ngata.
Lentswe lena le re tlisetsa thabo.
Bohle ba ke ba ithute lona.
(Sheba le 2 Tim. 3:16; 2 Pet. 1:21.)