PINA YA 106
A re Beng le Lerato
Printed Edition
1. Re kope thuso ya Jehova
Hore re tle re mo etsise.
Empa lerato le bohlokwa
Ho feta makgabane ohle.
Ho ba lerato ho bohlokwa
Ho feta tsebo le bokgoni.
Re rapelle hore re bontshe
Lerato la nnete ho bohle.
2. Ha re le batho ba lerato,
Re tla dula re tsotellana.
Re tla tshwarela batho bohle
Re sa ba jare ka dipelo.
Le ha re ka utlwa bohloko,
Re tla mamella dintho tsohle.
Re nne re hopole ka mehla:
Lerato le ke ke la fela.
(Sheba le Joh. 21:17; 1 Bakor. 13:13; Bagal. 6:2.)