PINA YA 107
Modimo o re Behela Mohlala wa Lerato
1. Jehova o re behela mohlala
Wa ho ba lerato.
O re rutile lerato la nnete.
O re file Mora wa hae,
A re tshwarela diphoso tsa rona
Mme a re bontsha hore o’a re rata.
Ha ho na rato le tshwanang le lena.
Ke Modimo ya ratang batho.
2. Ha re etsisa Jehova Modimo
Ka ho ba lerato,
Re tla ratana mme re tsotellane,
Re thusane dinthong tsohle.
Re ke ke ra re re rata Jehova
Ha re sa rate bana ba bo rona.
Re tswele pele ho tshwarela bohle
Mme re bontshe rato la nnete.
3. Ha re ratana re tla momahana
Mme re be lelapa.
Ntate wa rona o tla re fa kgotso,
Re ratane, re utlwane.
Rato la rona ke lona le bontshang
Hore re na le moya wa Jehova.
A re rataneng ka dinako tsohle.
Leo ke lona rato la nnete.
(Sheba le Bar. 12:10; Baef. 4:3; 2 Pet. 1:7.)