PINA YA 111
Mabaka a Rona a ho Thaba
1. Re na le mabak’a mangata
A etsang hore re thabe.
Batho ba ditjhaba tse ngata
Ba sebeletsa Jehova.
Pelo tsa rona di thabile
Ebile di nyakaletse.
Re ithuta Ntswe la Modimo
Hore re be le tumelo.
Le ha re ka ba le mathata,
Re tla dula re thabile.
Jehova Modimo wa rona
O tla re thusa ka mehla.
(KHORASE)
Jehova o re fa thabo.
Re thabela popo ya hae.
E ntle haholo, hape e’a hlolla.
Ke Mmopi ya Matla Ohle.
2. Re ananela popo ya hae
Lefatsheng le mahodimong.
Re rorisa Ntate wa rona
Ka baka la ketso tsa hae.
Re thabela ho ruta batho
Ka Mmopi le Mmuso wa hae.
Ditaba tsena tse monate
Re di phatlalatsa hohle.
Jwale re thabile haholo,
Bofelo bo atametse.
Fatshe le letjha le tla fihla,
Re thabe ka ho sa feleng.
(KHORASE)
Jehova o re fa thabo.
Re thabela popo ya hae.
E ntle haholo, hape e’a hlolla.
Ke Mmopi ya Matla Ohle.
(Sheba le Deut. 16:15; Esa. 12:6; Joh. 15:11.)