PINA YA 112
Jehova ke Modimo wa Kgotso
Printed Edition
1. Mmopi ya lerato,
O re tshepisa kgotso.
Re kopa hore o re fe
Moya o halalelang.
Ka kopo re thuse,
Re nne re o kgahlise.
Re tla ba metswalle ya hao
Ha re na le tumelo.
2. O re thusa hore
Re tsebe Lentswe la hao
Ka ha le’a re sireletsa
Mme le re bontsha tsela.
Le ha ho le thata,
Re kopa moya wa hao
Ho fihlela ha mathata
A se a fedisitswe.
3. O fa batho ba hao
Moya o halalelang.
Lefatsheng le lehodimong
Re sebeletsa wena.
Re tla ruta batho
Ka lefatshe le letjha,
Hore Mmusong wa Modimo,
Re tla phela ka kgotso.
(Sheba le Pes. 4:8; Bafil. 4:6, 7; 1 Bathes. 5:23.)