PINA YA 116
A re Beng Mosa
Printed Edition
1. Mmopi Jehova re o rorisa
Ka dipelo tsohle.
Le hoja o le matla haholo,
O lerato mme o mosa.
2. Jesu o mema ba leng mathateng
Ho tla kgatholoha
Mme joko ya hae ha e boima.
O bonolo mme o mosa.
3. Jehova le Jesu Mora wa hae
Ba beha mohlala.
Ha re le mosa ho batho bohle,
Re tla be re ba etsisa.
(Sheba le Mik. 6:8; Mat. 11:28-30; Bakol. 3:12; 1 Pet. 2:3.)