PINA YA 119
Re Lokela ho ba le Tumelo
1. Modimo o buile le batho
Hangata ka baprofeta.
Kajeno o re: ‘Bohle ba bake.’
Bofelo bo haufi.
(KHORASE)
A re bontsheng ka diketso
Hore re na le tumelo.
Re dule re na le yona.
Tumelo eo e tla re pholosa.
2. Re mamela taelo ya Jesu,
Re tla ruta batho bohle
Ditaba tsa Mmuso wa Modimo
Ka sebete le thabo.
(KHORASE)
A re bontsheng ka diketso
Hore re na le tumelo.
Re dule re na le yona.
Tumelo eo e tla re pholosa.
3. Ha re na le tumelo e matla,
Re ke ke ra tshaba letho.
Re tshepile Jehova ka mehla.
O dula a re thusa.
(KHORASE)
A re bontsheng ka diketso
Hore re na le tumelo.
Re dule re na le yona.
Tumelo eo e tla re pholosa.
(Sheba le Bar. 10:10; Baef. 3:12; Baheb. 11:6; 1 Joh. 5:4.)