PINA YA 120
Eba Bonolo Jwalo ka Kreste
Printed Edition
1. Jesu ke yena motho e moholo
Ho feta bohle ba kileng ba phela.
Le ha Modimo a mo file matla,
O ne a dula a ikokobetsa.
2. Jesu o mema bohle ba imetsweng.
O re o tla ba jarela mathata.
Ha ba kgetha ho batla Mmuso wa Jah,
O re ho bona ba tla kgatholoha.
3. Jesu o itse re bana ba motho.
Re mo mamela ka boikokobetso.
Mmopi o rata batho ba bonolo.
O ba tshepisa phelo bo sa feleng.
(Sheba le Diprov. 3:34; Mat. 5:5; 23:8; Bar. 12:16.)