PINA YA 126
Fadimehang, Emang le Tiile, le be Matla
Printed Edition
1. Fadimehang, le be matla,
Le dule le mamella.
Le be sebete ka mehla
Ka ha se ntse le hlotse.
Jesu Kreste o re laetse.
Re mo mamela ka sebete.
(KHORASE)
Fadimehang mme le be matla
Ho fihlela qetellong.
2. Fadimehang, le hlalefe.
Mamelang Jesu Kreste
Ha a le fa ditaelo.
Le eme le tiile.
Mamelang ba etellang pele
Hobane ba‘a le sireletsa.
(KHORASE)
Fadimehang mme le be matla
Ho fihlela qetellong.
3. Bolelang taba tsa Mmuso
Wa Jehova Modimo.
Le dule le di bolela
Le ha le ka hanyetswa.
Rorisang Jehova ka mehla.
Letsatsi la hae le haufi!
(KHORASE)
Fadimehang mme le be matla
Ho fihlela qetellong.
(Sheba le Mat. 24:13; Baheb. 13:7, 17; 1 Pet. 5:8.)