PINA YA 130
Tshwarelanang
Printed Edition
1. Jehova o ile
A tela Mora wa hae
Hore re tshwarelwe dibe
le ho fedisa lefu.
Ha re bakile ka nnete,
O tla re hauhela.
Ka ha Kreste o re shwetse,
Re ka tshwarelwa dibe.
2. Re tla bontshwa mohau
Ha re etsisa Ntate
Mme re tshwarelana bohle,
Re bile re ratana.
A re mamellaneng bohle
Mme re se kgopisane.
Re hlomphe Bakrestemmoho,
Re ba rate haholo.
3. A re beng le mohau
Hobane o bohlokwa.
O re qobisa kgalefo
Kapa lona lehloyo.
Ha re etsisa Jehova
Ya re ratang haholo,
Ruri re tla tshwarelana,
Re tshwane le Modimo.
(Sheba le Mat. 6:12; Baef. 4:32; Bakol. 3:13.)