PINA YA 138
“Moriri o Moputswa ke Korone ya Botle”
Printed Edition
1. Re na le ba hodileng,
Ba ratang Mmopi.
Ba ntse ba tshepahala,
Ba mameletse.
Ha ba fellwa ke matla
Le ha ba shwelwa,
Ntate, ba matlafatse,
Ba be le tshepo.
(KHORASE)
Ntate hle, hopola
Rato la bona.
Ba kgodise hore
Ba sebeditse.
2. Moriri o moputswa
Ke bokgabane.
Ke korone ya botle
Ho wena Ntate.
A re hopoleng hore
E bile batjha,
Ba sebetsa haholo
Ba sa le matla.
(KHORASE)
Ntate hle, hopola
Rato la bona.
Ba kgodise hore
Ba sebeditse.
(Sheba le Pes. 71:9, 18; Diprov. 20:29; Mat. 25:21, 23; Luka 22:28; 1 Tim. 5:1.)