PINA YA 146
‘Dintho Tsohle di ba Ntjha’
1. Mmuso wa Modimo o se o busa.
Jesu o se a dutse teroneng.
O ile a leleka Satane.
Thato ya Jehova e tla etswa.
(KHORASE)
Thabang hobane Modimo
O tla dula hara batho.
O tla hlakola meokgo yohle,
A fedise le lefu lefatsheng.
Mmopi o tla ntjhafatsa ntho tsohle.
Mantswe ana ke nnete.
2. Bonang monyaduwa wa Kreste Jesu.
Ke Jerusalema e phatsimang.
Ke motse o motjha o ratehang.
Jehova ke yena ya o kgantshang.
(KHORASE)
Thabang hobane Modimo
O tla dula hara batho.
O tla hlakola meokgo yohle,
A fedise le lefu lefatsheng.
Mmopi o tla ntjhafatsa ntho tsohle.
Mantswe ana ke nnete.
3. Bohle ba tla thabela motse ona
Mme o dula o butswe ka mehla.
O kgantsha ditsela tsa ditjhaba.
Le batho ba phallela ho wona.
(KHORASE)
Thabang hobane Modimo
O tla dula hara batho.
O tla hlakola meokgo yohle,
A fedise le lefu lefatsheng.
Mmopi o tla ntjhafatsa ntho tsohle.
Mantswe ana ke nnete.
(Sheba le Mat. 16:3; Tshen. 12:7-9; 21:23-25.)