PINA YA 147
Re Tshepisitswe Bophelo bo sa Feleng
Printed Edition
1. Modimo o re tshepisa
Bophelo bo sa feleng.
Re tla phela ha monate
Lefatsheng le letjha.
(KHORASE)
Jah o’a tshepahala.
O re tshepisitse
Hore re tla phela
Ka ho sa feleng.
2. Paradeise e tla fihla,
Bohle re phethahale.
Batho bohle ba tla thaba.
Kgotso e tla ba teng.
(KHORASE)
Jah o’a tshepahala.
O re tshepisitse
Hore re tla phela
Ka ho sa feleng.
3. Nakong eo bafu ba tsoswang,
Maswabi a tla fela.
Jehova o tla fedisa
Tsohle tse bohloko.
(KHORASE)
Jah o’a tshepahala.
O re tshepisitse
Hore re tla phela
Ka ho sa feleng.
(Sheba le Esa. 25:8; Luka 23:43; Joh. 11:25; Tshen. 21:4.)