LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lvs kgao. 9 maq. 118-131
  • “Balehelang Bohlola!”

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • “Balehelang Bohlola!”
  • Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BOHLOLA KE ENG?
  • MOHATO WA PELE KE PORNOGRAPHY
  • DINA O ENTSE QETO E BOWATLA
  • ITHUTE MOHLALENG WA JOSEFA
  • DUMELLA JEHOVA HORE A O THUSE
  • EBA LE TEMOHO
  • Bibele e Reng ka Thobalano?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Re ka Itshireletsa Jwang Kgahlanong le Maraba a Satane?
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
lvs kgao. 9 maq. 118-131
Moradiwabo rona ha a dumelle hore monna eo a sebetsang le yena a mo leke

KGAOLO YA 9

“Balehelang Bohlola!”

“Ka hona, le bolaye ditho tsa mmele ya lona tse lefatsheng mabapi le bohlola, ho se hlweke, takatso ya botona kapa ya botshehadi, takatso e kotsi, le ho tjhatjheha ka mohono, e leng borapedi ba ditshwantsho.”—BAKOLOSE 3:5.

1, 2. Balame o ile a etsang e le ho leka ho utlwisa bahlanka ba Jehova bohloko?

MOTSHWASI wa ditlhapi o kgetha sebaka seo a tsebang hantle hore ha a le ho sona, a ka tshwasa mofuta wa tlhapi oo a o batlang. Jwale o kgetha leraba le loketseng mme o akgela kgwele e nang le huku ka metsing. O leta ka mamello mme hang ha tlhapi e loma kgwele feela, o potlakela ho hula huku hore e tsebe ho tshwara tlhapi ebe o se a sotha kgwele a e ntshetsa ka ntle.

2 Ka tsela e tshwanang, le batho ba ka tshwaseha. Ka mohlala, Baiseraele ba ne ba se ba le haufi le ho kena Naheng e Tshepisitsweng ha ba hloma ditente Dithoteng Tsa Moabe. Jwale, morena wa Moabe o ne a ile a tshepisa monna e mong ya bitswang Balame ho mo fa tjhelete e ngata haeba a ne a ka bitsetsa Baiseraele bomadimabe. Qetellong, Balame o ile a atleha ho etsa hore Baiseraele ba ipitsetse bomadimabe. Ho bonahala hantle hore o ne a tsebile ho kgetha leraba. O ile a romela banana ba Bamoabe hore ba ilo kgelosa bahlankana ba Baiseraele.—Numere 22:1-7; 31:15, 16; Tšenolo 2:14.

3. Baiseraele ba ile ba wela lerabeng la Balame jwang?

3 Na leraba la Balame le ile la atleha? E. Bahlankana ba dikete ba Baiseraele ba ile ba “kopanela diphate ho ditshila le baradi ba Moabe.” Ba ile ba ba ba rapela le medimo ya maka, ho akarelletsa le modimo ya nyonyehang wa thobalano ya bitswang Baale wa Peore. Ka lebaka leo, Baiseraele ba 24 000 ba ile ba shwella hona moo le pele ba kena Naheng e Tshepisitsweng.—Numere 25:1-9.

4. Ke hobaneng ha Baiseraele ba dikete ba ile ba etsa boitshwaro bo bobe?

4 Ke hobaneng ha Baiseraele ba bangata hakaale ba ile ba wela leqhekeng la Balame? Lebaka ke hore ba ne ba inahanetse feela ka ho kgotsofatsa ditakatso tsa bona, ba lebetse ka tsohle tseo Jehova a ba etseditseng tsona. Ka sebele ba ne ba na le mabaka a mangata a ho tshepahalla Modimo. O ne a ba lopollotse bokgobeng Egepeta, a ba fepile lefeelleng, a bile a ba sireleditse ho tla fihlela moo ba neng ba se ba le hona teng haufi le Naha e Tshepisitsweng. (Baheberu 3:12) Ho ntse ho le jwalo, ba ile ba inehella boitshwarong bo bobe ba ho etsa thobalano. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Hape re se ke ra tlwaela ho etsa bohlola, jwalo ka ha ba bang ba bona ba ile ba etsa bohlola, hore feela ba we.”—1 Bakorinthe 10:8.

5, 6. Re ithutang ka se ileng sa etsahala Dithoteng Tsa Moabe?

5 Re haufi haholo le ho kena lefatsheng le letjha. Ka hoo, ka tsela eitseng, re ka re re tshwana le Baiseraele bao ba neng ba le haufi le Naha e Tshepisitsweng. (1 Bakorinthe 10:11) Kajeno batho ba hlanyetsa thobalano haholo ho feta Bamoabe. Boitshwaro bona bo tsitsipanyang, bo ka tshwaetsa esita le bahlanka ba Jehova. Ebile ha e le hantle, leraba leo Diabolose a atlehang haholo ka lona, ke boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano.—Numere 25:6, 14; 2 Bakorinthe 2:11; Juda 4.

6 Ako ipotse, ‘Na ka nnete ke tla kgetha ho thabela monate wa nakwana, kapa na ke tla kgetha ho phela ka ho sa feleng ke thabile lefatsheng le letjha?’ Na ho na le melemo e itseng eo nka e fumanang haeba ke etsa boiteko ba ho mamela taelo ya Jehova e reng: “Balehelang bohlola?”—1 Bakorinthe 6:18.

BOHLOLA KE ENG?

7, 8. Bohlola ke eng? Hona ke hobaneng ha e le taba e tebileng?

7 Batho ba bangata kajeno ba na le boitshwaro bo hlabisang dihlong mme ha ba hlomphe melao ya Modimo mabapi le thobalano. Bibele e re “bohlola,” ke diketso tsa thobalano tse etswang ke batho ba sa nyalanang ho ya ka molao wa Modimo wa Mangolo. Bo boetse bo akarelletsa diketso tsa thobalano tse etswang ke batho ba bong bo tshwanang le ho etsa thobalano le diphoofolo. Ha re bua ka diketso tsa thobalano mona, re bolela thobalano, ho nyanyana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi le ho kenya setho sa botona ka morao. Di ka boela tsa akarelletsa ho phollana ditho tsa botona kapa tsa botshehadi.—Sheba Ntlha ya 23 e hlahang qetellong ya buka.

8 Bibele e hlakisa taba ya hore motho ya tlwaetseng ho etsa bohlola, a ke ke a dumellwa ho ba ka phuthehong. (1 Bakorinthe 6:9; Tšenolo 22:15) Ho ekelletsa moo, motho ya itshwereng hampe o itheola seriti ebile batho ha ba na mo tshepa hohang. Kamehla boitshwaro bona bo bobe bo tlisa mathata. Ditlamorao e ba letswalo le molato, ho ima, mathata a lelapa, malwetse aitseng esita le lefu. (Bala Bagalata 6:7, 8.) Haeba motho a ne a ka nahanisisa pele ka hore na boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano bo lebisa ho kae, o ne a ke ke a leka le ho nka mohato wa pele. Empa ho bonahala hangata motho a be a inahanetse feela ka ho kgotsofatsa takatso ya hae, ha a nka mohato wa pele wa ho etsa boitshwaro bo bobe. Hangata mohato wa pele ke pornography.

MOHATO WA PELE KE PORNOGRAPHY

9. Ke hobaneng ha pornography e le kotsi?

9 Pornography e etseditswe ho tsosa takatso ya motho ya ho etsa thobalano. Kajeno pornography e teng hohle mona, dimakasineng, dibukeng, mminong, mananeong a television haesitana le Inthaneteng. Batho ba bangata ba nka hore pornography ha e kotsi hohang, empa nnete ke hore e kotsi haholo. E ka etsa hore motho e be lekgoba la thobalano, yaba ya etsa hore a be le takatso e fetelletseng eo e seng ya tlhaho ka thobalano. Hang feela ha motho a se a qadile ka pornography, o qetella a se a ipholla ditho tsa botona kapa tsa botshehadi, e leng se ka nnang sa etsa hore ho be le mathata ho ba leng lenyalong, ho ka ba ha fella le ka tlhalo.—Baroma 1:24-27; Baefese 4:19; sheba Ntlha ya 24 e hlahang qetellong ya buka.

Moshanyana o sebedisa Inthanete ka kitjhineng, ha Mme wa hae a ntse a phehile

Re lokela ho ela hloko hore na re sebedisa Inthanete jwang

10. Molaomotheo o ho Jakobo 1:14, 15 o re thusa jwang hore re qobe boitshwaro bo bobe?

10 Ke habohlokwa ho utlwisisa taba ya hore boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano, bo ka re tshwasa re sa hlokomele. Ela hloko temoso e fumanwang ho Jakobo 1:14, 15: “Empa e mong le e mong o lekwa ke ho hulwa le ho ekwa ke takatso ya hae. Jwale takatso, ha e emere, e tswala sebe; sebe, le sona, ha se phethehile, se hlahisa lefu.” Ka hona, ha o tlelwa ke menahano e fosahetseng, e tlose hanghang. Haeba ka tshohanyetso ho hlaha ditshwantsho tse tsosang takatso ya thobalano, sheba kwana! Kwala khompiyutha kapa o tjhentjhe tjhanele. Le ka mohla o se ke wa dumella ditakatso tse mpe bophelong ba hao. Ho seng jwalo, o tla iphumana o se o tshwasehile hoo ho seng ho le boima ho di laola.—Bala Matheu 5:29, 30.

11. Jehova a ka re thusa jwang ha re na le menahano e fosahetseng?

11 Jehova o re tseba ho feta ka moo re itsebang ka teng. O a tseba hore ha re a phethahala. Hape o a tseba hore re ka kgona ho hlola ditakatso tse mpe. O re ho rona: “Ka hona, le bolaye ditho tsa mmele ya lona tse lefatsheng mabapi le bohlola, ho se hlweke, takatso ya botona kapa ya botshehadi, takatso e kotsi, le ho tjhatjheha ka mohono, e leng borapedi ba ditshwantsho.” (Bakolose 3:5) Ke nnete hore ha ho bonolo ho etsa sena empa re tshediswa ke ho tseba hore Jehova o a re mamella ebile o tla re thusa. (Pesaleme ya 68:19) Morabo rona e mong ya motjha dilemong, o ile a tlwaela ho shebella pornography le ho ipholla ka tsela e etsang hore a be le takatso ya thobalano. Metswalle ya hae ya sekolong e ne e bona a sa etse letho le phoso, e ne e nka seo e le karolo feela ya ho hola, empa yena o re: “Ho shebella pornography le ho ipholla ho ile ha boloya letswalo la ka, yaba ke kena ka ho felletseng boitshwarong bo bobe.” O ile a lemoha hore ruri o hloka ho laola ditakatso tsa hae mme ka thuso ya Jehova o ile a di hlola. Ka hoo, haeba le wena o na le menahano e fosahetseng, kopa Jehova hore a o fe “matla a fetang se tlwaelehileng” e le hore o boloke menahano ya hao e hlwekile.—2 Bakorinthe 4:7; 1 Bakorinthe 9:27.

12. Ke hobaneng ha re lokela ho ‘lebela dipelo tsa rona’?

12 Solomone o ile a ngola a re: “Ho feta tse ding tsohle tse lokelang ho lebelwa, o sireletse pelo ya hao, ka ha mehlodi ya bophelo e tswa ho yona.” (Liproverbia 4:23) Pelo eo ho buuwang ka yona mona, ke motho eo re leng yena ka hare e leng motho eo Jehova a mo shebang. Ka hona, dintho tseo re di shebang di ka re ama haholo. Jobo o ile a re: “Ke hlabile selekane le mahlo a ka. Ka hoo nka ela morwetsana hloko jwang?” (Jobo 31:1) Le rona jwalo ka Jobo, re lokela ho laola mahlo le menahano ya rona. Hape re rapele jwalo ka mongodi e mong wa Pesaleme ya ileng a re: “Phemisa mahlo a ka hore a se ke a bona se se nang thuso.”—Pesaleme ya 119:37.

DINA O ENTSE QETO E BOWATLA

13. Dina o ile a kgetha metswalle ya mofuta ofe?

13 Metswalle ya rona e ka re susumelletsa ho etsa dintho tse ntle kapa tse mpe. Haeba o kgetha metswalle e ratang Jehova, e tla o thusa hore o etse se tshwanang. (Liproverbia 13:20; bala 1 Bakorinthe 15:33.) Se ileng sa etsahalla Dina, se re ruta thuto ya bohlokwa mabapi le ho kgetha metswalle. Dina e ne e le moradi wa Jakobo, ka hoo, o ne a hodiseditswe lelapeng le rapelang Jehova. Ke nnete hore yena o ne a sa itshwara hampe, empa e ile yaba motswalle wa banana ba Bakanana ba neng ba sa rapele Jehova. Bakanana ba ne ba tumme ka boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano. (Levitike 18:6-25) Ka letsatsi le leng ha Dina a ne a tswile le metswalle ya hae, o ile a kopana le mohlankana ya bitswang Shikeme wa Mokanana ya ileng a utlwa a rata Dina haholo. Shikeme o ne a nkwa e le mohlankana “ya hlomphehang ka ho fetisisa” lapeng labo. Empa o ne a sa rate Jehova.—Genese 34:18, 19.

14. Ho ile ha etsahalang ka Dina?

14 Shikeme o entse ntho e neng e tlwaelehile haholo ka nako eo ho Bakanana. Ka ha o ne a rata Dina hona hoo a neng a sa tsebe taba tsa hae, o ile a “mo nka” mme “a mo beta.” (Bala Genese 34:1-4) Sena sohle e ile yaba qaleho ya mahlomola a maholo ho Dina le lelapa lohle labo.—Genese 34:7, 25-31; Bagalata 6:7, 8.

15, 16. Re ka ba bohlale jwang?

15 Ha ho hlokahale re emele hore re hlahelwe ke se etsahalletseng Dina hore re ithute hore melao ya Jehova e molemong wa rona. “Ya tsamayang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ya bang le ditshebedisano le ba hlokang kelello dintho di tla mo tsamaela hampe.” (Liproverbia 13:20) Ka hona, ikemisetse ho utlwisisa “tsela yohle ya se molemo,” mme o tla qoba masisapelo le ho utlwa bohloko.—Liproverbia 2:6-9; Pesaleme ya 1:1-3.

16 Re ka ba bohlale ka ho ithuta Lentswe la Modimo, ho mo rapela pele re etsa diqeto, le ho latela keletso e bohlale e tswang ho lekgoba le tshepahalang le le masene. (Matheu 24:45; Jakobo 1:5) Nnete ke hore kaofela ha rona re a tseba hore ha re a phethahala mme re na le mefokolo. (Jeremia 17:9) Jwale o tla itshwara jwang haeba e mong a o bontsha hore o tla wela boitshwarong bo bobe? Na o tla mo halefela kapa o tla amohela keletso?—2 Marena 22:18, 19.

17. Fana ka mohlala wa ka moo keletso e tswang ho Mokrestemmoho le rona e ka re thusang ka teng.

17 Ka mohlala, ako nahane ka boemo ke bona. Moradiwabo rona o mosebetsing ha monna e mong ya sebetsang le yena a mo kopa hore ba ke ba intshe. O bonahala eka o hantle hape o mosa, empa taba ke hore ha se Paki ya Jehova. Jwale moradiwabo rona e mong, o ba bona ba le mmoho ebe hamorao o mo lemosa ka taba eo. Moradi eo wa bo rona o tla ikutlwa jwang ha a eletswa? Na o tla ipehela mabaka kapa o tla amohela keletso? Haeba ehlile a rata Jehova e le ka nnete, o tla amohela keletso eo. Empa haeba a tswelapele ho tswa le monna eo, na o ne a tla be a “balehela bohlola” kapa o ne a tla be a ‘tshepa pelo ya hae’?—Liproverbia 22:3; 28:26; Matheu 6:13; 26:41.

Moradiwabo rona ha a dumelle hore monna eo a sebetsang le yena a mo leke

ITHUTE MOHLALENG WA JOSEFA

18, 19. Hlalosa hore na Josefa o balehile bohlola jwang

18 Josefa e ile ya ba lekgoba a sa le monyane kwana Egepeta. Letsatsi le tjhabang le le dikelang mosadi wa mongahae o ne a mo tshwenya, a mo kopa hore a robale le yena. Empa Josefa o ne a tseba hantle hore e ne e le sebe ho etsa jwalo. Josefa o ne a rata Jehova mme a ikemiseditse ho mo thabisa. Ka hoo, nako le nako ha mosadi enwa a ne a re o hokahoka Josefa, o ne a mo hana. Ka ha e ne e le lekgoba, o ne a ke ke a siya mongahae feela jwalo. Ka mora hore mosadi wa mongahae a etse sohle seo a ka se kgonang ho etsa thobalano le yena, o ile a “baleha a tswela ka ntle.”—Bala Genese 39:7-12.

19 Re ka be re bua ho hong hona jwale haeba feela Josefa a ne a ile a ba le menahano e mebe ya ho etsa boitshwaro bo bobe, kapa a ne a ile a dula a nahana ka ho etsa thobalano le mosadi eo. Le ha ho le jwalo, Josefa o ne a nka kamano ya hae le Jehova e le ya bohlokwa ho feta ntho le ha ele efe. O ile a re ho mosadi enwa: “Mongaka . . . ha a nkganela ka letho haese wena, hobane o mosadi wa hae. Ka hoo nka etsa bobe bona bo boholo jwang mme ka sitelwa Modimo?”—Genese 39:8, 9.

20. Re tseba jwang hore kannete Jehova o ne a le motlotlo ka Josefa?

20 Le hoja Josefa a ne a le hole le ba lelapa labo, o ile a dula a ntse a tshepahalla Jehova, mme Jehova a mo hlohonolofatsa. (Genese 41:39-49) Jehova o ne a thabisitswe ke botshepehi ba Josefa. (Liproverbia 27:11) Ke nnete hore ehlile ho thata ho qoba ho etsa boitshwaro bo bobe. Empa hopola mantswe ana a reng: “Lona ba ratang Jehova, hloyang se sebe. O lebela meya ya ba tshepahalang ba hae; o ba lopolla matsohong a ba kgopo.”—Pesaleme ya 97:10.

21. Morabo rona e mong ya motjha o ile a etsisa mohlala wa Josefa jwang?

21 Letsatsi le letsatsi, bahlanka ba Jehova ba bontsha sebete ka ho ‘hloya se sebe’ le ho ‘rata se molemo.’ (Amose 5:15) Ho sa tsotellehe hore na o na le dilemo tse kae, o ntse o ka kgona ho tshepahalla Jehova. Tumelo ya morabo rona e mong ya motjha e ile ya lekwa ha a le sekolong. Ngwanana e mong o ile a re o tla robala le yena haeba feela a ka mo thusa ka tlhahlobo ya mmetse. Ebe mora eo wa bo rona o ne a tla etsang? O ile a etsisa Josefa. O re: “Ka potlako ke ile ka hana. Botshepehi ba ka bo nthusitse hore ke be le seriti hape ke itlhomphe.” Monate wa nakwana o tliswang ke ho etsa boitshwaro bo bobe, hangata o fella ka bohloko le masisapelo. (Baheberu 11:25) Ha re mamela Jehova ka mehla, re tla fumana thabo e sa feleng.—Liproverbia 10:22.

DUMELLA JEHOVA HORE A O THUSE

22, 23. Jehova a ka re thusa jwang esita le haeba re entse diphoso tse tebileng?

22 Satane a ka sebedisa boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano ho re tshwasa, mme sena e ka ba teko e kgolo. Ke nnete hore kaofela ha rona re tlelwa ke menahano e fosahetseng nako le nako. (Baroma 7:21-25) Jehova o utlwisisa sena hantle ebile o a hopola hore “re lerwele.” (Pesaleme ya 103:14) Empa ho thweng haeba Mokreste a entse sebe se tebileng ka ho etsa boitshwaro bo bobe? Na ha a sana tshepo? Tjhe. Haeba motho a bakile e le ka nnete, Jehova o tla mo thusa. Modimo o “itokiseditse ho tshwarela.”—Pesaleme ya 86:5; Jakobo 5:16; bala Liproverbia 28:13.

23 Jehova o boetse o re fa “dimpho [tseo e leng] banna,” e leng baholo ba re hlokomelang. (Baefese 4:8, 12; Jakobo 5:14, 15) O fane ka bona e le ho re ba re thuse ho lokisa kamano ya rona le yena.—Liproverbia 15:32.

EBA LE TEMOHO

24, 25. Ho ba le temoho ho re thusa jwang hore re qobe boitshwaro bo bobe?

24 E le hore re etse diqeto tse nepahetseng, re lokela ho utlwisisa hore na ditaelo tsa Jehova di re tswela molemo jwang. Ha re batle ho tshwana le monna ya hlalositsweng lengolong la Liproverbia 7:6-23, ya neng a sena temoho, ke ka hoo a ileng a tshwaswa ke leraba la boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano. Ho ba le temoho ho molemo ho feta ho ba bohlale. Ka mantswe a mang, ha re e na le temoho re tla leka ho utlwisisa menahano ya Jehova le ho e sebedisa bophelong ba rona. Hopola mantswe a na: “Ya fumanang pelo o rata moya wa hae. Ya lebelang temoho o tla fumana se molemo.”—Liproverbia 19:8.

25 Na o kgodisehile ka ho felletseng hore melao ya Jehova e nepahetse? Hona, na ka nnete o a dumela hore ho e latela ho ka etsa hore o thabe? (Pesaleme ya 19:7-10; Esaia 48:17, 18) Haeba o se na bonnete ka taba ena, a ko nahane ka dintho tseo Jehova a o etseditseng tsona. “Latswang mme le bone hore Jehova o molemo.” (Pesaleme ya 34:8) O tla bona hore ha o ntse o latswa, lerato la hao ho Jehova le tla ba matla. Rata seo a se ratang, mme o hloye seo a se hloileng. Tlatsa kelello ya hao ka menahano e hantle, dintho tsa nnete, tse lokileng, tse hlwekileng le tse ratehang. (Bafilipi 4:8, 9) Le rona re tla ba jwalo ka Josefa, ya ileng a rua molemo ho tswa bohlaleng ba Jehova.—Esaia 64:8.

26. Re tlo ithutang kgaolong e latelang?

26 Ho sa tsotellehe hore na o lesoha kapa o nyetse, Jehova o batla hore o thabele bophelo. Dikgaolo tse pedi tse latelang di tlo re hlalosetsa hore na re tla thuswa keng e le hore manyalo a atlehe.

MELAOMOTHEO YA BIBELE

1 BOITSHWARO BO BOBE KE LERABA

“Balehelang bohlola.”—1 Bakorinthe 6:18

Ke hobaneng ha boitshwaro bo bobe bo le kotsi?

  • Numere 25:1-9; 2 Bakorinthe 2:11

    Batho ba mehleng ena ba hlanyetsa thobalano, mme boitshwaro bona bo ka ama le bahlanka ba Jehova. Boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano, ke leraba le atlehang haholo la Satane. Ka lebaka leo, re lokela ho itshireletsa kgahlanong le lona.

  • Liproverbia 22:3; Bagalata 6:7, 8

    Nahanisisa ka ditlamorao tse bohloko tsa boitshwaro bo bobe.

  • 1 Bakorinthe 6:9, 10

    Haeba motho a tswelapele ho etsa boitshwaro bo bobe mme a sa bake, o tla lelekwa ka phuthehong.

2 RE KA KGONA HO HANELA BOITSHWARO BO BOBE BA HO ETSA THOBALANO

“E mong le e mong o lekwa ke ho hulwa le ho ekwa ke takatso ya hae. Jwale takatso, ha e emere . . . e tswala sebe.”—Jakobo 1:14, 15

Re ka hanela boitshwaro bo bobe ba ho etsa thobalano jwang?

  • Jobo 31:1; Jeremia 17:9; Matheu 5:27, 28; Bakolose 3:5

    Hanela menahano e fosahetseng hanghang pele e mela ka metso. Qoba pornography.

  • Genese 39:7-12; 2 Bakorinthe 4:7; Jakobo 1:5

    Nka bohato ha ho hlokahala. Kopa Jehova hore a o thuse.

  • Liproverbia 27:11

    Nahanisisa ka melemo ya ho mamela melao ya Modimo.

  • Liproverbia 13:20; 1 Bakorinthe 15:33

    Kgetha metswalle e ratang Jehova le e latelang melaomotheo jwalo ka wena.

3 O SE KE WA TELA; JEHOVA O TLA O THUSA

“Etswe, Jehova, o molemo mme o itokiseditse ho tshwarela.”—Pesaleme ya 86:5

Jehova a ka re thusa jwang ha re entse sebe se tebileng?

  • Pesaleme ya 103:14; Liproverbia 28:13; Baroma 7:21-25

    Haeba motho a bakile e le kannete, Jehova o tla mo tshwarela.

  • Bagalata 6:1, 2; Jakobo 5:14-16

    Baholo ka phuthehong ba ka re thusa hore re boele re be le kamano e ntle le Modimo.

  • Liproverbia 3:5, 6; Bafilipi 4:8, 9

    Ithute ho nahana ka tsela e thabisang Jehova. Seo se tla o thusa hore o etse diqeto ka bohlale.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share