LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • rr maq. 152-153
  • Re Ithutang Ponong ya Ezekiele ya Tempele?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Re Ithutang Ponong ya Ezekiele ya Tempele?
  • Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Borapedi ba Nnete bo a Hlomphuwa Ebile bo Sireleditswe
  • Ditlhohonolofatso Tse ke Keng Tsa Fela
  • Kaofela ha Rona re Mamela Melao e Tshwanang
  • Ho Jella Tafoleng ya Jehova
  • Morero wa Modimo o Tla Phethahala
  • “Ona ke Molao wa Tempele”
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • ‘Hlalosa Tempele’
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
  • Ananela Monyetla wa ho Rapela Jehova Tempeleng ya Hae ya Tshwantshetso
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2023
  • ‘Bona Dintho Tse Mpe le Tse Nyonyehang Tseo ba di Etsang’
    Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
Jehova o Tsosolositse Borapedi ba Nnete
rr maq. 152-153

LEBOKOSE LA 14A

Re Ithutang Ponong ya Ezekiele ya Tempele?

Printed Edition
Setshwantsho se bontshang dikarolo tsa tempele eo Ezekiele a e boneng. Dikarolo tseo ke: 1. Thaba e phahameng. 2. Lerako. 3. Lebala le leholo le potapotileng tempele. 4. Noka e tswang sehalalelong sa tempele. 5. Dikeiti tse ka ntle. 6. Lerako la tempele. 7. Lebala le ka ntle. 8. Dikamore tsa ho jela tse ka ntle. 9. Dikeiti tse ka hare. 10. Lebala le ka hare. 11. Aletare. 12. Sehalalelo sa tempele. Sefofane se seholo se bolelele ba dimithara tse 75, se senyenyane ha se bapiswa le lehlakore ka leng la lebala le leholo le potapotileng tempele.

Borapedi ba Nnete bo a Hlomphuwa Ebile bo Sireleditswe

Tempele e ponong ya Ezekiele e “thabeng e phahameng haholo” (1). Na borapedi ba nnete re bo nka e le ba bohlokwa ka ho etsa hore ebe bona bo tlang pele bophelong ba rona?

Lerako (2) le potapotileng tempele e bohareng ba lebala le leholo (3) le re hopotsa hore ha re a lokela ho etsa dintho tse mpe tse tla etsa hore Jehova a se ke a amohela borapedi ba rona. Haeba dintho tse “sa halaleleng” di ne di lokela ho ba hole le borapedi ba nnete, seo se bolela hore ke ha bohlokwa le ho feta hore motho ya rapelang Jehova a qobe boitshwaro bo bobe.—Ezek. 42:20.

Ditlhohonolofatso Tse ke Keng Tsa Fela

Nokana e tswa sehalalelong sa tempele. E ba kgolo ha e ntse e phalla ebile e fana ka bophelo mme e etsa hore naha e be le mobu o nonneng (4). Re tla ithuta ka ditlhohonolofatso tsena Kgaolong ya 19 ya buka ena.

Kaofela ha Rona re Mamela Melao e Tshwanang

Dikeiti tse phahameng tse ka ntle (5) le tse ka hare (9) di re hopotsa hore Jehova o batla hore batho bohle ba mo rapelang ba mamele melao ya hae e phahameng ya boitshwaro. Hlokomela hore dikeiti tse ka ntle le tse ka hare di a tshwana ebile di a lekana. Taba ena e a utlwahala hobane Jehova o file bahlanka bohle ba hae melao e tshwanang, ho sa tsotellehe hore na ba etsa mosebetsi ofe mokgatlong wa hae.

Ho Jella Tafoleng ya Jehova

Dikamore tseo ho jellwang ho tsona (8) di re hopotsa hore mehleng ya kgale batho ba ne ba dula ha mmoho mme ba ja tse ding tsa dijo tseo ba entseng mahlabelo ka tsona tempeleng. Ha ba etsa jwalo e ne eka ba ja le Jehova. Tsela eo Bakreste ba rapelang ka yona tempeleng ya tshwantshetso kajeno e fapane hobane ho se ho fanwe ka “sehlabelo se le seng.” (Baheb. 10:12) Le ha ho le jwalo, re ntse re fana ka mahlabelo a rorisang Modimo.—Baheb. 13:15.

Morero wa Modimo o Tla Phethahala

Ditekanyo tsohle tse hlahang ponong ena di ka nna tsa bonahala di le ngata haholo empa di re ruta ntho ena ya bohlokwa: Di a re kgodisa hore morero wa Jehova wa ho tsosolosa borapedi ba nnete o ke ke wa fetoha feela jwalo ka ha ditekanyo tsa tempele di ne di nepahetse ebile di sa fetohe. Le hoja ho se na moo Ezekiele a reng o bone batho ponong ya hae, o ngotse mantswe a Jehova a kgalemelang baprista, dikgosana le setjhaba. Bahlanka bohle ba Modimo ba lokela ho mamela melao ya hae e lokileng.

Kgutlela kgaolong ya 14, serapeng sa 13, 14

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share