LEBOKOSE LA 16B
Ho Tshwenyeha le ho Utlwa Bohloko, ho Tshwauwa le ho Lwana ho Tla Etsahala Neng Hona Jwang?
Pono e hlahang kgaolong ya 9 ya Ezekiele e phethahala mehleng ena ya rona. Ha re utlwisisa hore na dintho di tlo etsahala jwang, ntho eo e tla re thusa hore re se ke ra tshoha ha lefatshe lena le fediswa
“Ho tshwenyeha le ho utlwa bohloko”
NENG? Mehleng ya bofelo, pele ho mahlomola a maholo
JWANG? Batho ba lokileng ba bontsha ka mantswe le ka diketso hore ba hloile dintho tse mpe tse etsahalang mona lefatsheng. Batho bana ba tshehetsa mosebetsi wa ho ruta batho Bibele, ba sebetsa ka thata hore ba be le botho bo tshwanang le ba Kreste, ba a kolobetswa ho bontsha hore ba inehetse ho Jehova ebile ba tshehetsa batlotsuwa
“Ho tshwauwa”
NENG? Nakong ya mahlomola a maholo
JWANG? Monna ya tshwereng lenaka la enke la mongodi o emela Jesu Kreste ha a tla e le Moahlodi wa ditjhaba tsohle. Batho ba bongata bo boholo ba tla tshwauwa e le dinku, e leng se bontshang hore ba tla pholoha Armagedone
“Ho lwana”
NENG? Ka Armagedone
JWANG? Jesu Kreste le mangeloi a hae a lehodimong, a akareletsang babusimmoho le yena ba 144 000, ba tla fedisa lefatshe lena le kgopo mme ba pholose barapedi ba nnete hore ba kene lefatsheng le letjha