LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • CO-pgm18 maq. 7-8
  • Boitsebiso bo Fuwang ba Tlileng Kopanong

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Boitsebiso bo Fuwang ba Tlileng Kopanong
  • Lenaneo la Kopano ya Setereke ya 2018
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • SEBOKA SE KGETHEHILENG
  • BOITSEBISO BO FUWANG BA TLILENG KOPANONG
  • Boitsebiso bo Fuwang ba Tlileng Kopanong
    Lenaneo la Kopano ya 2017
  • Boitsebiso bo Fuwang ba Tlileng Kopanong
    Lenaneo la Kopano ya 2019
  • Tlhahiso leseding bakeng sa batho ba tswang dinaheng tse ding
    Lenaneo la Kopano ya 2020
  • Ditaba Tse Amang ba Tlileng Kopanong
    Lenaneo la Kopano ya 2024
Tse Ding
Lenaneo la Kopano ya Setereke ya 2018
CO-pgm18 maq. 7-8

Boitsebiso bo Fuwang ba Tlileng Kopanong

SEBOKA SE KGETHEHILENG

SEKOLO SA BAEVANGELI BA MMUSO Bo pulamadiboho ba dilemo tse pakeng tsa 23 le 65 ba ka ratang ho eketsa tshebeletso ya bona, ba memelwa ho ba teng sebokeng se tla tshwarwa ka Sontaha thapama sa ba ratang ho etsa dikopo tsa ho ya Sekolong sa Baevangedi ba Mmuso. Ho tla etswa tsebiso ya hore na seboka sena se tla tshwarelwa hokae le hore na se tla tshwarwa ka nako efe.

BOITSEBISO BO FUWANG BA TLILENG KOPANONG

BAHLOKOMEDI Mosebetsi wa bahlokomedi ke ho o thusa. Ka kopo sebedisana le bona ka ho feletseng ka ho mamela tataiso ya bona mabapi le ho paka dikoloi, ho laola sephethephethe, ho beheletsa ditulo le ditaba tse ding.

KOLOBETSO Ditulo tse boloketsweng ba yang kolobetsong di tla ba ka pela sethala ntle le haeba ho ka ba le diphetoho. Ba yang kolobetsong ba lokela ho dula sebakeng seo ba se lokiseditsweng pele puo ya kolobetso e qala ka Moqebelo hoseng. E mong le e mong o lokela ho tla le thaole le diaparo tse hlomphehang tseo a tla kena metsing ka tsona.

MENEHELO Ho patetswe tjhelete e ngata haholo ho lokisetsa hore ho be le ditulo tse lekaneng, tsamaiso ya modumo, thepa ya ho bapala divideo le ditshebeletso tse ding tse ngata tse etsang hore re thabele kopano le hore re atamele haholwanyane ho Jehova. Monehelo wa hao wa boithatelo o thusa ho lefella ditshenyehelo tsena esita le ho tshehetsa mosebetsi wa lefatshe lohle. E le ho o nolofalletsa dintho, mabokose a monehelo a ngotsweng ka ho hlaka a fumaneha hohle sebakeng sena sa kopano. Menehelo yohle e ananelwa haholo. Sehlopha se Busang se lakatsa ho o leboha ka hore ebe o tshehetsa mesebetsi e amanang le Mmuso ka seatla se bulehileng.

FIRST AID Ka kopo hopola hore lefapha lena le fana ka thuso MAEMONG A TSHOHANYETSO FEELA.

LOST AND FOUND Dintho tsohle tse thotsweng di lokela ho iswa Lefapheng la Lost and Found. Haeba o lahlehetswe ke ntho leha e le efe, e ya lefapheng lena mme o shebe dintho tsa hao. Bana ba lahlehileng ba lokela ho iswa lefapheng lena. Leha ho le jwalo, lefapha lena ha le a lokela ho nkwa e le la ho hlokomela bana. Ka kopo hlokomela bana ba hao mme o dule o e na le bona.

DITULO Ka kopo nahanela ba bang. Hopola hore batho bao o tsamayang le bona ka koloi kapa beng ka wena ba haufi kapa bao o ntseng o ithuta Bibele le bona, ke bona feela bao o ka ba behelang ditulo. Re kopa hore o se ke wa beha letho ditulong tse haufi le wena.

TSHEBELETSO YA BOITHAOPO Haeba o lakatsa ho ithaopela ho thusa ka mosebetsi wa kopano, re kopa hore o itlalehe Lefapheng la Tshebeletso ya Boithaopo.

E hlophisitswe ke Sehlopha se Busang sa Dipaki Tsa Jehova

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share