LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • th thuto 1 leq. 4
  • Mantswe a Susumetsang

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mantswe a Susumetsang
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dintlha tse Ding
  • Hlakisa Dintlha
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 1 leq. 4

THUTO YA 1

Mantswe a Susumetsang

Lengolo le bontshitsweng

Liketso 17:22

KAKARETSO: Mantswe a qalang puo ya hao a lokela ho susumetsa, a hlalose sehlooho sa hao a be a bontshe bamamedi bohlokwa ba puo ya hao.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Etsa hore batho ba batle ho o mamela. Kgetha potso, polelo, pale ya bophelo kapa ntho eo o e utlwileng ditabeng, e ka etsang hore bamamedi ba batle ho o mamela.

    Keletso

    Nahana esale pele hore na bamamedi ba hao ba amehile le ho tshwenyeha kang mme o etse hore mantswe a qalang puo ya hao a dumellane le seo.

  • Hlalosa sehlooho sa hao. Etsa bonnete ba hore mantswe a qalang puo ya hao, a etsa hore bamamedi ba hlakelwe ke sehlooho le morero wa puo ya hao.

  • Bontsha bohlokwa ba puo ya hao. Etsa hore seo o se buang se dumellane le ditlhoko tsa bamamedi ba hao. Ba lokela ho utlwisisa hantle hore na puo eo e ka ba thusa jwang e le batho ka bo mong.

    Keletso

    Ha o ntse o lokisetsa puo ya hao, ipotse, ‘Bara le baradibabo rona ka phuthehong, ba hlahelwa ke mathata afe?’ Ebe o etsa hore mantswe a qalang puo ya hao a dumellane le ditlhoko tsa bona.

TSHIMONG

Ho sheba dintho tseo motho a ratang ho di etsa kapa sebaka seo a dulang ho sona, ho ka etsa hore o bone hore na o amehile kang. O ka qala moqoqo wa hao ka hore o mmotse potso kapa o mo babatse ka e nngwe ya dintho tseo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share