LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • th thuto 19 leq. 22
  • Leka ho Ama Dipelo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Leka ho Ama Dipelo
  • Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Dintlha tse Ding
  • Mafolofolo
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Hlakisa Dintlha
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Eba ya Kgothatsang
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
  • Kutlwelo Bohloko
    Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
Tse Ding
Ikemisetse ho Bala le ho Ruta
th thuto 19 leq. 22

THUTO YA 19

Leka ho Ama Dipelo

Lengolo le bontshitsweng

Liproverbia 3:1

KAKARETSO: Thusa bamamedi ba hao hore ba utlwisise bohlokwa ba puo ya hao le hore ba sebedise seo ba ithutileng sona.

SEO O KA SE ETSANG:

  • Thusa bamamedi ba hao hore ba itlhahlobe. Ba botse dipotso tse tla etsa hore ba bone hore na ba lokela ho ntlafatsa kapa ho lokisa ho kae.

  • Tshepa bamamedi ba hao. Ba kgothalletse hore ba ipotse hore na ke hobaneng ha ba etsa dintho tse ntle. Ba thuse hore ba etse dintho ho tswa pelong ka hore ba rate Jehova, batho ba bang le seo Bibele e se rutang. Ba thuse hore ba bone seo Bibele e se rutang eseng o ba laele. E le hore bamamedi ba hao ba ntlafatse, qetellong ya puo ya hao ba kgothatse ho ena le hore o ba siye ba swabile kapa ba ikutlwa ba le molato.

  • Bua ka Jehova. Hlalosa hore na ke jwang seo Bibele e se rutang, melaomotheo le melao, di bontshang makgabane a Modimo le hore o a re rata. Etsa hore bamamedi ba hao ba batle ho thabisa Jehova le hore ba se ke ba mo utlwisa bohloko.

    Keletso

    Hopola hore Jehova o hulela batho ho yena. Sebedisa Lentswe la hae Bibele, ho kgothatsa bamamedi.

TSHIMONG

Ha ho kgoneha, sebedisa dipotso hore o bone hore na motho eo o buang le yena o dumelang. Sheba sefahleho sa hae mme o mamele lentswe la hae e le hore o bone hore na o ikutlwa jwang ka taba eo le buang ka yona. Le ha ho le jwalo, o be le mamello. O lokela ho etsa hore a o tshepe e le hore a kgone ho ntsha maikutlo a hae.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share