KGAOLO YA 46
Ke Hobaneng ha o Lokela ho Inehela o be o Kolobetswe?
O inehela ho Jehova ka ho etsa thapelo o mo tshepisa hore o tla sebeletsa yena feela le hore ho etsa thato ya hae e tla ba yona ntho e tlang pele bophelong ba hao. (Pesaleme ya 40:8) Ka mora moo, o a kolobetswa. Ha o kolobetswa o bontsha batho ba bang hore o inehetse ho Modimo. Qeto ya ho inehela ho Jehova ke ya bohlokwa ka ho fetisisa. Keng e ka o susumelletsang hore o etse qeto e kgolo hakaalo e bileng e tla fetola bophelo ba hao?
1. Keng e susumelletsang motho hore a inehele ho Modimo?
Re inehela ho Jehova hobane re mo rata. (1 Johanne 4:10, 19) Bibele e re fa taelo e reng: “O rate Jehova Modimo wa hao ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle le ka kelello ya hao yohle le ka matla a hao ohle.” (Mareka 12:30) Re bontsha hore re rata Modimo ka dintho tseo re di buang le tseo re di etsang. Jwalo ka ha batho ba ratanang ba nyalana, le rona ha re rata Jehova re tla batla ho inehela ho yena mme re kolobetswe.
2. Jehova o hlohonolofatsa Dipaki tsa hae tse kolobeditsweng jwang?
Ha o kolobetswa, o ba karolo ya lelapa la Jehova le thabileng. O tla bona dintho tse ngata tse bontshang hore na o o rata hakae ebile o tla atamela haufi le yena le ho feta. (Bala Malakia 3:16-18.) Jehova e tla ba Ntate wa hao ebile o tla ba karolo ya lelapa la bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ba mo ratang le ba o ratang. (Bala Mareka 10:29, 30.) Empa pele o kolobetswa ho na le dintho tseo o lokelang ho di etsa. O lokela ho ithuta ka Jehova, o mo rate o be o dumele ho Mora wa hae. Qetellong, o lokela ho inehela ho Jehova. Haeba o etsa dintho tsena o bile o kolobetswa, o tla ba le monyetla wa ho phela ka ho sa feleng. Lentswe la Modimo le re: ‘Kolobetso e ya le pholosa.’—1 Petrose 3:21.
ITHUTE DINTLHA TSE DING
Ithute hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore o inehele ho Jehova o be o kolobetswe.
3. Kaofela ha rona re lokela ho ikgethela hore na re tla sebeletsa mang
Mehleng ya Baiseraele, batho ba bang ba ne ba nahana hore ba ka sebeletsa Jehova le modimo wa bohata ya bitswang Baale. Empa Jehova o ile a romela moprofeta Elia hore a ilo lokisa monahano oo o fosahetseng. Bala 1 Marena 18:21 ebe le buisana ka potso ena:
Baiseraele ba ne ba tlameha ho etsa kgetho efe?
Jwalo ka Baiseraele, le rona re tlameha ho kgetha hore na re tla sebeletsa mang. Bala Luka 16:13 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Ke hobaneng ha ho ke ke ha kgoneha hore re sebeletse Jehova re be re sebeletse motho e mong kapa ntho e nngwe e itseng?
Re ka bontsha Jehova jwang hore re kgetha ho sebeletsa yena feela?
4. Nahanisisa ka lerato leo Jehova a o ratang ka lona
Jehova o re file dimpho tse ngata tsa bohlokwa. Rona re ka mo fa eng? Bapala VIDEO.
Jehova o bontshitse ka ditsela dife hore o a o rata? Bala Pesaleme ya 104:14, 15 le 1 Johanne 4:9, 10 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Ke dimpho dife tse tswang ho Jehova tseo o di ananelang ka ho fetisisa?
Dimpho tseo di etsa hore o ikutlwe jwang ka yena?
Ha re fuwa mpho eo re e ratang haholo, re batla ho bontsha motho ya re fileng yona hore re a e ananela. Bala Deuteronoma 16:17 ebe le buisana ka potso ena:
Ha o nahana ka dintho tsohle tseo Jehova a o etseditseng tsona, o utlwa o batla ho mo fa eng?
5. Ha o inehela ho Jehova o tla fumana ditlhohonolofatso tse ngata
Batho ba bangata ba dumela hore botumo, mosebetsi oo ba o ratang kapa tjhelete di tla ba tlisetsa thabo. Na taba eo ke nnete? Bapala VIDEO ebe le buisana ka dipotso tse latelang.
Ke hobaneng ha ntate ya hlahang videong ee a ile a tlohela ho bapala bolo le hoja a ne a e rata?
O ile a kgetha hore Jehova e be yena ya tlang pele bophelong ba hae, eseng bolo. Na o nahana hore o entse qeto e nepahetseng? Ke hobaneng ha o tjho jwalo?
Pele moapostola Pauluse e ba Mokreste, o ne a na le monyetla wa ho ba le mosebetsi wa maemo a phahameng. O ne a rutilwe molao wa Bajuda ke mosuwe ya tsebahalang. Empa o ile a tela dintho tseo e le hore e be Mokreste. Na Pauluse o ile a ikwahlaya? Bala Bafilipi 3:8 ebe le buisana ka dipotso tsena:
Ke hobaneng ha Pauluse a ile a re dintho tseo a neng a di etsa pele e ba Mokreste e ne e le “dithole tse ngata”?
O ile a fumanang bakeng sa tsona?
Na ho na le ntho eo o ka e etsang ka bophelo ba hao e ka bapiswang le ho sebeletsa Jehova?
Ha Pauluse e ba Mokreste, o ile a fumana dintho tse ngata ho feta tseo a di tetseng
BATHO BA BANG BA RE: “Ha se ntho e utlwahalang ho nehela bophelo ba hao ho Modimo.”
Ke hobaneng ha wena o nahana hore ke ntho e utlwahalang hore o inehele ho Jehova?
KAKARETSO
Lerato le re susumelletsa ho inehela ho Jehova le ho kolobetswa.
Re Ithutileng?
Ke hobaneng ha Jehova a tshwanelwa ke hore re mo rate ka dipelo tsohle tsa rona re be re sebeletse yena feela?
Jehova o hlohonolofatsa Dipaki tsa hae tse kolobeditsweng jwang?
Na o ka rata ho inehela ho Jehova?
BATLA
Hlokomela hore na ke hobaneng ha mme e mong wa sebini le ntate e mong wa sebapadi ba ile ba kgetha ho inehela ho Jehova.
Ithute mabaka a eketsehileng a hore o inehele ho Modimo.
“Ke Hobaneng ha o Lokela ho Inehela ho Jehova?” (Molula-Qhooa, January 15, 2010)
Videong ena, bona hore na batho ba inehetseng ho Jehova ba thabile hakaakang.
Bala pale ya bophelo e nang le sehlooho se reng “Ka Dilemolemo ke ne ke Ipotsa, ‘Ha e le Hantle re Phelelang?’” mme o bone hore na keng e ileng ya susumelletsa mme e mong hore a hlahlobe hore na keng e tlang pele bophelong ba hae.