LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • lmd thuto 11
  • Ruta ka Tsela e Bonolo

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ruta ka Tsela e Bonolo
  • Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • Jesu o Ile a Etsang?
  • Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?
  • O ka Etsisa Jesu Jwang?
  • Thusa Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetswe
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • O ka Sebedisa Buka ya “O ka Thaba ka ho sa Feleng!” Jwang ha o Ruta Batho Bibele?
    Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
  • O ka Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Jwang Hore a Kolobetswe?​—Karolo ya Bobedi
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
  • O ka Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Jwang Hore a Kolobetswe?​—Karolo ya Pele
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2020
Tse Ding
Rata Batho—O ba Etse Barutuwa
lmd thuto 11

HA O ETSA BARUTUWA

Jesu o ntse a ruta batho ba bangata moo ho nang le dipalesa mme dinonyana di feta hodima bona.

Mat. 6:​25-27

THUTO YA 11

Ruta ka Tsela e Bonolo

Keletso ya Bibele: ‘Le bue puo e utlwisiswang ha bonolo.’​—1 Bakor. 14:9.

Jesu o Ile a Etsang?

Jesu o ntse a ruta batho ba bangata moo ho nang le dipalesa mme dinonyana di feta hodima bona.

VIDEO: Jesu o Bontsha ka Moo Ntate wa Rona a re Tsotellang ka Teng

1. Shebella VIDEO kapa o bale Matheu 6:​25-27 ebe o araba dipotso tse latelang:

  1. Jesu o bontshitse jwang hore Jehova o a re tsotella?

  2. Le hoja Jesu a ne a tseba dintho tse ngata ka dinonyana, o ile a bua ka ntho efe e bonolo papisong ya hae? Ke hobaneng ha tsela eo e ne e le e atlehang ya ho ruta?

Re ka Ithutang Mohlaleng wa Jesu?

2. Ha re ruta ka tsela e bonolo, batho ba tla hopola dintho tseo re ba rutileng tsona ba be ba di sebedise bophelong ba bona.

O ka Etsisa Jesu Jwang?

3. O se ke wa bua haholo. Ho ena le ho bua dintho tsohle tseo o di tsebang ka taba e itseng, bua dintlha tse hlahang sehloohong seo le ntseng le ithuta sona feela. Ka mora ho botsa potso, eba le mamello ya hore motho eo o ithutang le yena a iphumanele karabo. Haeba a thatafallwa ke ho fumana karabo kapa a bua dintho tse sa dumellaneng le seo Bibele e se rutang, mo tataise ka dipotso tse eketsehileng e le hore a utlwisise. Hang ha a utlwisisa ntlha ya sehlooho, fetela dintlheng tse latelang.

4. Thusa motho eo o ithutang le yena ho utlwisisa hore na dintho tse ntjha tseo a ithutang tsona di amana jwang le tseo a seng a ithutile tsona. Ka mohlala, pele le qala kgaolo e buang ka tsoho, ha kgutshwanyane feela, le ka ikgopotsa seo le ithutileng sona ka boemo ba bafu.

5. Sebedisa mehlala ka bohlale. Pele o etsa mohlala, ipotse:

  1. ‘Na mohlala oo o bonolo?’

  2. ‘Na motho eo ke ithutang le yena o tla o utlwisisa ha bonolo?’

  3. ‘Na mohlala oo o tla mo thusa ho hopola dintlha tsa bohlokwa eseng mohlala feela?’

O KA BOELA WA SHEBA

Mat. 11:​25; Joh. 16:​12; 1 Bakor. 2:1

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share