SEHLOOHO SE KA NTLE | O KA ETSANG E LE HORE O NATEFELWE KE HO BALA BIBELE
Bibele e ka Ntlafatsa Bophelo ba Hao Jwang?
Bibele ha se buka feela tjee. E re fa dikeletso tse tswang ho Mmopi wa rona. (2 Timothea 3:16) Molaetsa wa yona o ka re susumetsa haholo. Ha e le hantle, Bibele e re: “Lentswe la Modimo le a phela mme le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Bibele e na le matla a ho ntlafatsa bophelo ba rona ka ditsela tse pedi. Ya pele, e re fa dikeletso tseo re di hlokang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Ya bobedi, e re thusa hore re tsebe Modimo le dintho tseo a re tshepisang tsona.—1 Timothea 4:8; Jakobo 4:8.
E ka ntlafatsa bophelo ba hao. Bibele e ka o thusa ho sebetsana le mathata. E fana ka dikeletso tse sebetsang mabapi le dintho tse latelang.
Kamano ya hao le ba bang.—Baefese 4:31, 32; 5:22, 25, 28, 33.
Ho laola maikutlo le ho phela hantle mmeleng.—Pesaleme ya 37:8; Liproverbia 17:22.
Boitshwaro.—1 Bakorinthe 6:9, 10.
Ho sebedisa tjhelete.—Liproverbia 10:4; 28:19; Baefese 4:28.a
Banyalani ba bang ba batjha dilemong ba dulang Asia, ba ananela tsela eo Bibele e ba thusitseng ka yona. Jwaloka banyalani ba bang ba batjha, le bona ba ile ba thatafallwa ho tlwaela tsela eo e mong a etsang dintho ka yona le hore ba buisane ka bolokolohi. Empa ba ile ba qala ho sebedisa seo ba ithutileng sona Bibeleng. Phello e bile efe? Vicent o re: “Dintho tseo ke ithutileng tsona ka Bibeleng di nthusitse hore ke bontshe lerato ha ke sebetsana le mathata. Ho sebedisa keletso ya Bibele ho re thusitse ho thabela ho phela hammoho.” Mosadi wa hae Annalou, le yena o dumellana le sena. O re: “Ho bala ka mehlala e ka Bibeleng ho re thusitse haholo. Hona jwale ke thabile ebile ke kgotsofetse.”
Ho tseba Modimo haholwanyane. Vicent o boetse o re: “Ha ke bala Bibele, ke utlwa ke le haufinyane haholo le Jehova.” Sena se re bontsha hore ha re bala Bibele re tla tseba tsela eo Modimo a nahanang ka yona. Haeba o etsa jwalo, o tla rua molemo dikeletsong tsa Modimo mme o tla kgona ho mo etsa motswalle. O tla boela o bone hore Modimo o re tshepisa bokamoso bo monate, e leng nako eo re tla thabela “bophelo ba sebele” ka ho sa feleng. (1 Timothea 6:19) Ruri ha ho buka leha e le efe e ka re tshepisang bokamoso bo monate hakaana!
Haeba o ntse o tswela pele ho bala Bibele, e tla o thusa hore o ntlafatse tsela eo o phelang ka yona mme o tsebe Modimo le ho feta. Leha ho le jwalo, ho ka etsahala hore ha o ntse o bala Bibele o be le dipotso tse ngata. Haeba seo se etsahala, hopola mohlala wa letona la Moethiopia, le ileng la phela dilemong tse 2 000 tse fetileng. O ne a e na le dipotso tse ngata ka Bibele. Ha a botswa hore na o utlwisisa seo a se balang o ile a re: “Nka tseba jwang ntle leha e mong a ka ntataisa?”b Filipi eo e neng e le molatedi wa Jesu hape a tseba ho ruta, o ile a thusa letona lena ho utlwisisa Bibele. (Liketso 8:30, 31, 34) Haeba le wena o batla ho tseba haholwanyane ka Bibele, kena ho www.jw.org/sot kapa o ngolle atereseng e haufi le moo o dulang teng e hlahang makasineng ena. O ka boela wa ikopanya le e mong wa Dipaki Tsa Jehova kapa wa etela Holong ya Mmuso ya Dipaki Tsa Jehova e sebakeng sa heno. Ke hobaneng ha o sa qalelle ho bala Bibele hona jwale, e le hore e ntlafatse bophelo ba hao?
Haeba ha o a kgodiseha hore Bibele e nepahetse, sheba video e reng Re ka Tseba Jwang Hore Bibele e Ruta Nnete? Kena ho www.jw.org/sot.
a E le hore o bone mehlala e meng ya kamoo Bibele e ka re thusang ka teng, kena websaeteng ya rona ho jw.org/ssa. Sheba tlasa DITHUTO TSA BIBELE > DIPOTSO TSA BIBELE DIA ARAJWA.
b O ka boela wa sheba sehlooho se reng “Ke Hobaneng ha ho le Thata ho Utlwisisa Bibele?”makasineng ena.