LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp17 No. 3 leq. 3
  • Seo o Lokelang ho se Tseba ka Bapalami ba Bane ba Dipere

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Seo o Lokelang ho se Tseba ka Bapalami ba Bane ba Dipere
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Dintlha tse Ding
  • Bapalami ba Bane ba Dipere Ke Bomang?
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Selelekela
    Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Bapalami ba Bane ba Dipere
    Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Ntwa ya Ukraine e Etsa Hore Kgaello ya Dijo e Mpefale Lefatsheng Lohle
    Dihlooho Tse Ding
Tse Ding
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
wp17 No. 3 leq. 3
Dipere tsa bapalami ba bane di a matha

SEHLOOHO SE KA NTLE | BAPALAMI BA BANE BA DIPERE KE BOMANG?

Seo o Lokelang ho se Tseba ka Bapalami ba Bane ba Dipere

Ako inahanele feela ho utlwahala ditlhako tse hatang fatshe jwaloka seaduma! Ha o ntse o bala ka pono ena e hlollang ya dipere tse nne tse matla le bapalami ba tsona, e hlaka jwalo ka ha eka ehlile seo se etsahala ka tsela ya sebele! Mopalami wa pere ya pele e tshweu, ke ya kganyang mme o beilwe e le morena. Kamora hae ho latela pere e kgubedu, eo mopalami wa yona a tlosang kgotso lefatsheng lohle. Ho be ho latela pere e ntsho, eo mopalami wa yona a phahamiseditseng dikala tse pedi hodimo, tse tshwantshetsang molaetsa o utlwisang bohloko wa tlala ya boja dikata. Ha ele pere ya bone e botala bo bosehla yona, ya e palameng o tshwantshetsa malwetse le dikotsi tse sehloho ha esitana le Lefu. Sena se etsa hore batho ba hlokahale ka bongata!—Tšenolo 6:1-8.

“Kgetlo la pele ha ke ne ke bala ka bapalami bana, ke ne ke tshohile. Ke ne ke utlwa eka Letsatsi la Kahlolo le tseleng ene kaha ke ne ke sa itokisa, ho ne ho tlo fela ka nna.”—Crystal.

“Ke ile ka hlollwa ha ke bona bapalami ba hodima dipere tse mebalabala. Eitse ha ke hlakelwa ke se bolelwang ke pono eo, ka e thabela le ho feta.”—Ed.

Na o ne o ikutlwa ka tsela e tshwanang le ya Crystal kapa Ed, ha o ne o qala ho ithuta ka Boprofeta bona ba bapalami ba dipere? Haeba ho jwalo, o tla thabela ho tseba hore bapalami bana ba tshwantshetso ba dipere, ba wela hara diketsahalo tse tsebahalang ka ho fetisisa bukeng ya ho qetela ya Bibele, e leng Tshenolo. Na o ne o tseba hore o tla fumana molemo ha o utlwisisa pono ena? Empa jwang? Modimo o tshepisa hore o tla fumana thabo ya sebele ha o bala, o ithuta ebile o etsa seo buka ena ya boprofeta e reng o se etse.—Tšenolo 1:1-3.

Pono ena ya bapalami ba bane ba dipere, ha e ya etsetswa ho o tshosa. Ebile batho ba dimilione ba fumane hore pono ena, e tiisitse tumelo ya bona le ho ba fa tshepo ka bokamoso. Re kopa hore o ke o leke ho e bala, e le hore le wena o fumane molemo o tshwanang.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share