LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • wp17 No. 4 maq. 4-7
  • Seo Bibele e se Buang ka Bophelo le Lefu

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Seo Bibele e se Buang ka Bophelo le Lefu
  • Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • BIBELE E FANA KA DIKARABO TSE UTLWAHALANG
  • THUTO YA BOHATA E YA ATA
  • “NNETE E TLA LE LOKOLLA”
  • Moya ke Eng?
    Dipotso Tsa Bibele di a Arajwa
Tora ya ho Lebela O Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (Ya Batho Kaofela)—2017
wp17 No. 4 maq. 4-7
Setopo ka lebitleng

SEHLOOHO SE KA NTLE | BIBELE E RENG KA BOPHELO LE LEFU?

Seo Bibele e se Buang ka Bophelo le Lefu

Lengolo la Genese le re rutang ka popo, le re bolella hore Modimo o ile a re ho motho wa pele e leng Adama: “O ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore o kgotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ya botle le bobe o se ke wa ja tsa sona, etswe ka letsatsi leo ka lona o jang tsa sona ka sebele o tla shwa.” (Genese 2:16, 17) Polelo eo e bontsha ka ho hlaka hore haeba Adama a ne a ile a mamela taelo eo ya Modimo, a ka be a sa ka a shwa empa a ka be a ntse a phela serapeng sa Edene.

Adam le Eva dilemong tsa bona tsa botsofadi

Ka maswabi, Adama o ile a kgetha ho se mamele taelo eo ya Modimo, a ja tholwana e thibetsweng eo mosadi wa hae Eva a ileng a mo fa yona. (Genese 3:1-6) Ditlamorao tsa kgetho eo ya hae di ama batho bohle lefatsheng. Moapostola Pauluse o hlalosa taba ena tjena: “Jwalo ka ha sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, mme kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) “Motho a le mong,” eo lengolo lena le buang ka yena ke Adama. Empa o ka nna wa ipotsa, ebe sebe see seo hothweng Adama o ile a se etsa keng, hona ke hobaneng ha ditlamorao e le lefu?

Ka hore Adama a kgethe ho se mamele mme a robe molao wa Modimo, o ne a etsa sebe. (1 Johanne 3:4) Haeba a ne a ile a mamela taelo ya Modimo, a ka be a saka a ba le sebe ebile a sa shwa mme le rona re ka be re sa shwe. Jwalo ka ha Modimo a ne a ile a bolella Adama, moputso wa sebe ke lefu. Modimo o ne a sa re bopela hore re shwe empa o ne a batla hore re phele ka ho sa feleng.

Ha ho potang hore Bibele e bua nnete ha e re ‘lefu le ne le tla namela ho batho bohle,’ ka ha mantswe ao a fela a phethahala a le jwalo kajeno. Empa nahana ka sena, na ho na le karolo e nngwe ya rona e dulang e phela le ha re se re shwele? Batho ba bangata ba dumela jwalo, ba re moya ke ona o sa shweng. Empa seo se ne se tla be se bolela hore Modimo o ne a buile leshano, ha a ne a bolella Adama hore moputso oo sebe se o lefang ke lefu. Hobane Bibele e re: ‘Ke ho ke keng ha kgoneha hore Modimo a bue leshano.’ (Baheberu 6:18) Ha e le hantle, Satane ke yena ya ileng a bua leshano ho Eva ha a ne a re: “Ka sebele le ke ke la shwa.”​—Genese 3:4.

Empa taba ena e ka nna ya etsa hore o boele o ipotse, haeba thuto ya hore moya ha o shwe ke leshano, jwale keng se etsahalang ka rona ha re shwele?

BIBELE E FANA KA DIKARABO TSE UTLWAHALANG

Lengolo la Bibele la Genese le re: “Jehova Modimo a etsa motho ka lerole la lefatshe mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya bophelo, mme motho ya eba moya o phelang.” Polelwana ena e reng “moya o phelang” e fetoletswe ho tswa lentsweng la Seheberu ne’phesh, le bolelang “sebopuwa se hemang.”​—Genese 2:7.

Bibele e hlalosa ka ho hlaka hore batho ha ba a bopuwa ba ena le moya o sa shweng. Empa, motho e mong le e mong ke “moya o phelang.” Ke ka hona o ke keng wa fumana lengolo le ha e le lefe la Bibele le nang le polelwana ena, “moya o sa shweng.”

Ka ha Bibele ha e rute hore motho o na le moya o sa shweng, jwale ke hobaneng ha madumedi a mangata a ruta thuto eo? E le ho fumana karabo ya potso eo, a re ke re tshohleng dintho tse ileng tsa etsahala mehleng ya kgale Egepeta.

THUTO YA BOHATA E YA ATA

Herodotus e leng setsebi sa histori sa Mogerike se phetseng dilemong tsa bo400, se ile sa re Baegepeta e ne e le bona “batho ba pele ba ileng ba tsitlella thuto ya hore ho na le moya o sa shweng.” Bababylona le bona ba ile ba tshehetsa Baegepeta ka thuto ena. Ha Alexandere e Moholo a ne a hlola puso ya Botjhabela bo Hare ka selemo sa 332 mehleng eo, Borafilosofi ba bang ba Bagerike ba ile ba etsa hore thuto ya hore moya ha o shwe, e ate Mmusong wa Greece.

O ke ke wa fumana lengolo le ha e le lefe la Bibele le nang le polelwana ena, “moya o sa shweng.”

Pele ho dilemo tsa bo100, maqulwana a mabedi a Bajuda e leng Baessene le Bafarise, ba ile ba ruta hore ha motho a shwa moya wa hae o a pholoha. Buka ya The Jewish Encyclopedia e re: “Thuto ena, e fihlile ho Bajuda ka tshusumetso ya Bagerike le filosofi ya Plato.” Setsebi se seng sa histori sa Mojuda se bitswang Josephus le sona se dumela hore thuto ena ya hore moya ha o shwe ha eya thehwa Mangolong a Halalelang, empa ke “ntho e iqapetsweng ke bara ba Greece.”

Ha tshusumetso ya Bagerike e ntse e ata, batho ba ipolelang hore ke Bakreste le bona ba ile ba tshwaswa ke thuto ena ya maka. Ho ya ka rahistori e mong ya bitswang Jona Lendering, “Thuto ena e iqapetsweng ya Plato ya hore moya wa motho o ba sebakeng se seng se itseng mme o tswela pele o phela ha a shwa, e se e kene le Bokresteng.” Ka hona, thuto ya maka ya hore moya ha o shwe, e ile ya namela kerekeng ya “Bokreste” hoo jwale e seng e le kobo anela.

“NNETE E TLA LE LOKOLLA”

Mehleng ya baapostola, moapostola Pauluse o ile a fana ka temoso e reng: “Polelo e buduletsweng e bolela ka tiyo hore dinakong tsa morao ba bang ba tla wa tumelong, ba ela hloko dipolelo tse buduletsweng tse kgelosang le dithuto tsa bademona.” (1 Timothea 4:1) Temoso eo e nakong hakaakang! Thuto ya hore moya ha o shwe ke e nngwe ya “dithuto tsa bademona.” Hohang ha e yo ka Bibeleng, ntle le moo, e simolohile madumeding a maka le difilosofing.

Re lehlohonolo hakaakang! Ka ha Jesu o itse: “Le tla tseba nnete, mme nnete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Ha re ntse re tswela pele ho fumana tsebo e nepahetseng ya nnete ya Bibele, re lokoloha mashanong le dithutong tse sa hlompheng Modimo tsa madumedi a mangata lefatsheng kajeno. Ho feta moo, nnete e ka Bibeleng, e re lokolla metshwasong ya dithuto tsa maka tse inahanelwang mabapi le taba ya lefu.​—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng: “Bafu ba Hokae?”

Mmopi wa rona o ne a sa batle hore re phele feela dilemo tse 70 kapa tse 80 lefatsheng, ebe ka mora moo re ilo phela ka ho sa feleng sebakeng se seng. Sepheo sa hae sa mathomo, e ne e le hore batho bohle ba phele ka ho sa feleng ba sa shwe hona mona lefatsheng. Ka ha Modimo o rata batho, ha a so fetohe o ntse a batla ho bona thato ya hae e phethahala. (Malakia 3:6) Mongodi wa lengolo la Pesaleme o re kgodisa ka sena: “Ba lokileng ba tla rua lefatshe, Ba tla dula ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ya 37:29.

Ha o batla ho tseba dintlha tse eketsehileng ka hore na Bibele e reng ka bophelo le lefu, re kopa hore o ke o shebe kgaolo 6 bukeng ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? E hatisitsweng ke Dipaki Tsa Jehova. E fumaneha websaeteng ya www.jw.org/st, kapa o skene letshwao lena.

Na Batho ba ka Phela ka ho sa Feleng?

Dilemo tse seng kae tse fetileng, bafuputsi ba tlalehile hore ho na le dimela tse ding tse melang ka tlasa metsi, tse seng di phetse dilemo tse dikete mohlomong ho feta ntho le ha e le e fe e phelang lefatsheng. Dimela tsena ke sehlopha sa Posidonia oceanica, e leng mofuta wa jwang ba lewatleng bo kwahelang boholo ba lewatle la Mediterranean pakeng tsa Spain le Cyprus.

Jwale haeba dimela di kgona ho phela nako e telele hakaalo, hothweng ka batho? Borasaense ba ithutang ka botsofadi, ba na le tshepo ya hore bophelo bo ka lelefala. Ka mohlala, buka e nngwe e bontsha hore “bongata ba dipatlisiso tsa borasaense tsa moraorao,” bo tshehetsa taba ena. Ho se ho tla bonahala hore na ebe dipatlisiso tsa borasaense, di tla ke di tlise diphetoho tabeng ya hore na motho a ka phela nako e kae.

Le ha ho le jwalo, tshepiso ya ho phela ka ho sa feleng ha e ya itshetleha ka saense ya sejwalejwale. Bibele ha e bua ka Mmopi wa rona, Jehova Modimo, e re: “Mohlodi wa bophelo o ho wena.” (Pesaleme ya 36:9) Jesu Kreste o ile a rapela a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tswela pele ba rua tsebo ka wena, Modimo a le mong feela wa nnete, le ka eo o mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ka sebele, ha re ntse re etsa boiteko ba ho tseba le ho thabisa Jehova Modimo hammoho le Mora wa hae, Jesu Kreste, re tla putswa ka ditlhohonolofatso tse sa feleng.

Jwang ba lewatleng

Bafuputsi ba tlalehile hore ho na le dimela tse ding tse melang ka tlasa metsi, tse seng di phetse dilemo tse dikete

BAFU BA HOKAE?

Jesu o tsosa Lazaro

Ha re toba taba, Bibele e re bafu ba mabitleng mme ba emetse ho tsoswa. (Johanne 5:28, 29) Ha ba hlophehe kapa hona ho utlwa bohloko, ka ha “ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Jesu o ile a tshwantsha lefu le boroko bo tebileng. (Johanne 11:11-14) Ka hona, ha ho hlokahale hore re tshabe batho ba hlokahetseng kapa hona ho ba etsetsa mphabadimo. Ebile le ka mohla ba ke ke ba kgona ho re thusa kapa ba re lematsa, ‘hobane nqalong ya bafu moo ba leng teng, ha ho sa le mosebetsi, le ha e le morero kapa tsebo kapa bohlale.’ (Moeklesia 9:10 BIBELE E HALALELANG) Empa hona le ditaba tse thabisang. Modimo o tla tsosa bafu mme ha ho sa tla hlola ho ba le motho ya shwang.—1 Bakorinthe 15:26, 55; Tšenolo 21:4.

Ke Hobaneng ha o Lokela ho Tshepa Bibele?

Re ka kgodiseha hore seo Bibele e se buang ke nnete. Hobaneng? Nahana ka mabaka a latelang:

  • Lesiba le enke

    E Ngotswe ka Tsela e Ikgethang: Bibele e na le mangolo a 66 mme e ngotswe ke banna ba ka bang 40. Ba nkile dilemo tse fetang 1 600 ho tloha ka 1513 pele ho mehla ya Jesu ho fihlela ka 98 mehleng ya Jesu. Ho ntse ho le jwalo, e ya dumellana mme e bua ka monahano o le mong ho tloha qalong ho isa qetellong. Sena ke bopaki ba hore ka nnete Mongodi wa yona ke Modimo ya matla Ohle. O ne a bolella banna bana ba 40 hore na ba ngoleng.

  • Pilara

    E Nepahetse Ditabeng Tsa Histori: Diketsahalo tse tlalehilweng ka Bibeleng di dumellana hantle le histori e netefaditsweng. Buka ya A Lawyer Examines the Bible e re: “Bangodi ba dipale tsa marato, ditshomo le bopaki ba bohata, ba entse bonnete ba hore ha ba ngole dintlha kaofela mabapi le dibaka le dinako tseo diketsahalo di etsahetseng ka tsona, . . . empa tlaleho ya Bibele yona ha e pate ditaba, e re fa dinako le dibaka ka tsela e nepahetseng.”

  • Athomo

    E Nepahetse Ditabeng Tsa Saense: Ke nnete hore Bibele ha se buka ya saense, empa ha e bua ka ditaba tsa saense, e fana ka dikarabo tse nepahetseng esale pele. Ka mohlala, ho kgaolo ya 13 le 14 ya lengolo la Levitike, Baiseraele ba ile ba fuwa melao e bontshang bohlweki le bohlokwa ba ho ikarola pela motho ya nang le lefu le tshwaetsanang, melao ena e fanwe le pele batho ba ka tseba hore na dikokwanahloko le tshwaetso keng. Bibele e boetse e bua ka lefatshe le le jwalo ka bolo mme le le sepakapakeng, eleng ntho eo borasaense ba neng ba sa e utlwisise, ho fihlela dilemong tse makgolo hamorao.​—Jobo 26:7; Esaia 40:22.

Ena ke mehlala e seng mekae fela e netefatsang hore re ka tshepa se bolelwang ke Bibele ha e re: “Lengolo lohle le buduletswe ke Modimo mme le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho kgalemela, bakeng sa ho otlolla dintho.”​—2 Timothea 3:16.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share