LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w18 September maq. 8-11
  • Bakreste ba Hodileng, Jehova o Ananela Botshepehi ba Lona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Bakreste ba Hodileng, Jehova o Ananela Botshepehi ba Lona
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
  • Dihloohwana
  • Dintlha tse Ding
  • MONNA YA IKOKOBEDITSENG LE YA TADIMANG DINTHO KA TSELA YA SEBELE
  • NAHANELA BOKAMOSO
  • HO NA LE DINTHO TSE NGATA TSEO BA KA THUSANG KA TSONA
  • JEHOVA O ANANELA BOTSHEPEHI BA LONA
  • Ananela Batjha ba ka Phuthehong
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
  • Etsisa Mohlala wa Barzilai wa ho Inyenyefatsa
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona—2022
  • “Dintho Tsena o di Behe ho Banna ba Tshepahalang”
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2017
  • Nka Bara le Baradibabo Rona ba Hodileng e le ba Bohlokwa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Tse Ding
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2018
w18 September maq. 8-11
Morabo rona ya hodileng o kgothatsa e monyenyane

Bakreste ba Hodileng, Jehova o Ananela Botshepehi ba Lona

LEFATSHENG ho pota, baholo ba thabela dikabelo tseo ba nang le tsona ka mokgatlong wa Modimo. Ka sebele ke tlhohonolofatso ho rona kaofela. Le ha ho le jwalo, morao tjena mokgatlo o ile wa etsa diphetoho tse ileng tsa ba ama. Baholo ba hodileng ba ile ba kopuwa ho fetisetsa dikabelo tsa bona tse toma ho ba ntseng ba le banyenyane. Empa ka tsela efe?

Tokisetso e ntjha ke hore balebedi ba potoloho le barupedi ba dikolo tsa Bibele, ba kgaotse ho sebeletsa boemong boo ha ba se ba le dilemo di 70. Ka lehlakoreng le leng hape, baholo ba dilemo di 80, ba lokela ho tlohela ho sebeletsa e le bahokahanyi ba Dikomiti Tsa Makala kapa bahokahanyi ba dihlopha tsa baholo diphuthehong mme ba fetisetse boikarabelo boo ho ba ntseng ba le banyenyane. Ebe bara bana babo rona ba hodileng ba ile ba ikutlwa jwang ka diphetoho tsee? Ba ile ba tshepahalla Jehova le mokgatlo wa hae.

Morabo rona Ken ya sebeleditseng e le mohokahanyi wa Komiti ya Lekala ka dilemo tse ka bang 49, o re: “Ke ile ka dumellana le qeto e entsweng. Ha e le hantle hoseng hoo ha ke utlwa tsebiso eo, ke ne ke sa tswa kopa hore Jehova a tlise morabo rona ya monyenyane hore a tlo sebeletsa e le mohokahanyi.” Barababo rona ba bangata ba tshepahalang lefatsheng lohle, ba ile ba ikutlwa ka tsela e tshwanang le eo morabo rona Ken a ileng a ikutlwa ka yona. Ke nnete hore ha ba qala ho utlwa phetoho ena, ba ile ba utlwa bohloko hobane ba ne ba rata dikabelo tsa bona haholo.

Morabo rona Esperandio ya sebeleditseng e le mohokahanyi wa sehlopha sa baholo phuthehong ya habo, yena o re: “Taba ena e ile ya nkutlwisa bohloko.” Le ha ho le jwalo o re: “Ke ile ka hlokomela hore ka ha ke ne ke kula, ke ne ke hloka nako ya ho ikoka.” Morabo rona Esperandio o ile a nna a sebeletsa Jehova ka botshepehi mme o fetohile tlhohonolofatso e kgolo phuthehong ya habo.

Ho thweng ka balebedi ba tsamayang ba seng ba qetile nako e telele ba etsa mosebetsi oo mme jwale ba lokela ho o tlohela? Morabo rona Allan ya qetileng dilemo tse 38 e le molebedi ya tsamayang, o re: “Eitse ha ke utlwa ka taba ena, ka fela matla.” Ho ntse ho le jwalo, o elellwa bohlokwa ba ho kwetlisa ba batjha mme o ntse a etsa seo ka botshepehi.

Morabo rona Russell ya sebeleditseng e le molebedi ya tsamayang le morupedi dikolong tsa Bibele ka dilemo tse 40, o re qalong yena le mosadi wa hae ba ile ba utlwa bohloko. O re: “Re ne re rata mosebetsi ona haholo mme re ikutlwa re ntse re le matla.” Morabo rona Russell le mosadi wa hae ba sebedisa kwetliso eo ba e fumaneng ho tswela ditho tsa phutheho molemo mme e ba thabo feela ho bahweletsi.

Esita le hoja o so ka o ba boemong bo tshwanang le ba barababo rona ba boletsweng ka hodimo, lengolo la Samuele wa bobedi le ka nna la o thusa hore o utlwisise hantle hore na ho jwang ho ba boemong boo.

MONNA YA IKOKOBEDITSENG LE YA TADIMANG DINTHO KA TSELA YA SEBELE

Ako nahane ka tlaleho ya Morena Davida. Mora wa hae Absalome o ile a mo hlanohela. Yaba Davida o tloha Jerusalema mme o balehela Mahanaime ka botjhabela ba Noka ya Jordane. Ho na le dintho tseo Davida le bao a neng a na le bona ba neng ba di hloka hore ba nne ba phele. Na o sa hopola se ileng sa etsahala?

Banna ba bararo ba sebakeng seo, ba ile ba fana ka dibethe, dijo tsa mefutafuta, dijana le dikotlolo. Barzilai e ne e le e mong wa bona. (2 Sam. 17:27-29) Hang ha Absalome a kgaoditse ho lwantsha Davida, Davida o ile a kgutlela Jerusalema mme Barzilai a mo felehetsa ho ya Jordane. Yaba Davida o kgothalletsa Barzilai hore a ye le yena Jerusalema. Morena Davida o ile a tshepisa Barzilai hore o tla mo fa dijo le hoja Barzilai e ne e le monna ya ruileng mme a sa di hloke. (2 Sam. 19:31-33) Ka ha Barzilai o ne a na le boiphihlelo, e ka nna yaba Davida o ne a shebile hore o tla mo fa dikeletso tse molemo ha a ka ya le yena Jerusalema. Etswe ka sebele e ne e le ntho e thabisang ho sebeletsa ntlong ya borena.

Barzilai o ile a bontsha boikokobetso le hore o tadima dintho ka tsela ya sebele ha a ne a re o se a le dilemo di 80. Yaba o phaella ka hore: “Na nka lemoha pakeng tsa botle le bobe?” Ha e le hantle o ne a bolelang? E tlameha ebe jwale o ne a se a na le boiphihlelo ka lebaka la dilemo tse ngata tseo a neng a se a di phetse. O ne a se a le boemong bo botle ba ho fana ka keletse e molemo jwalo ka ha “banna ba baholo” ba ne ba ile ba etsa dilemo ha morao ka Morena Roboame. (1 Mar. 12:6, 7; Pes. 92:12-14; Liprov. 16:31) Ka hona, e ka nna yaba ha Barzilai a bua ka ho lemoha pakeng tsa botle le bobe, o ne a bolela hore o se a fokollwa ke matla ka baka la botsofadi. O ile a ba a bolela hore le ditho tsa hae tsa kutlo le tsa tatso ha di sa sebetsa hantle. (Moek. 12:4, 5) Ka lebaka leo, Barzilai o ile a kgothalletsa Davida hore a ye Jerusalema le Kimhame eo mohlomong e neng e le mora wa Barzilai.—2 Sam. 19:35-40.

NAHANELA BOKAMOSO

Phetoho ena e boletsweng ka hodimo ya hore ha motho a fihla dilemong tse itseng a tlohele boikarabelo bo boima, e tshwana hantle le pono eo Barzilai a neng a na le yona. Ho a utlwahala hore ebe ha mokgatlo o ne o etsa phetoho ena, o ne o sa nahana ka maemo le bokgoni ba motho ka mong jwalo ka ha ho ne ho etsahala ka Barzilai. Empa mokgatlo o ne o shebile hore na ke qeto efe e tla thusa baholo lefatsheng ho pota.

Bara bana babo rona ba hodileng ba ne ba hlokomela hore haeba boikarabelo bo boima boo ba neng ba bo phetha bo ka fetisetswa ho ba ntseng ba le batjha, mokgatlo wa Jehova o tla ba matla mme o hole le ho feta. Maemong a mangata, bara bana babo rona ba hodileng e ne e ba bona ba kwetlisang ba ntseng ba le batjha. E ka nna yaba le Barzilai o ile a kwetlisa mora wa hae feela jwalo ka ha moapostola Pauluse a ile a kwetlisa Timothea. (1 Bakor. 4:17; Bafil. 2:20-22) Barababo rona ba ntseng ba le batjha, ba bontshitse hore ke “dimpho [tseo e leng] banna” mme ba thusa “bakeng sa ho haha mmele wa Kreste.”—Baef. 4:8-12; bapisa le Numere 11:16, 17, 29.

Morabo rona ya hodileng o kgothatsa e monyenyane

Ruta Banna ba Batjha Dilemong ho Jara Boikarabelo bo Eketsehileng

  • Ba kgothatse hore ba ipehele dintho tseo ba batlang ho di fihlella tshebeletsong mme o ba thuse le hore ba di fihlelle.

  • Ba babatse hobane kgothatso eo barababo rona ba batjha dilemong ba e fumanang ho Bakreste ba hodileng, e a ba matlafatsa ebile e ba fa le kgodiseho.

  • Ba kwetlise e le hore ba itshetlehe ka Bibele le ka tataiso eo mokgatlo wa Jehova o fanang ka yona.

HO NA LE DINTHO TSE NGATA TSEO BA KA THUSANG KA TSONA

Lefatsheng lohle, ba bangata ba ileng ba fana ka boikarabelo boo ba neng ba bo phetha, ba ntse ba ka nna ba thusa ka dintho tse ngata ka phuthehong.

Morabo rona Marco ya qetileng dilemo tse 19 e le molebedi ya tsamayang, o re: “Maemo a ka hona jwale a ntumella hore ke ithute Bibele le banna ba baradibabo rona ba bang ba phutheho ya heso.”

Morabo rona Geraldo ya qetileng dilemo tse 28 e le molebedi ya tsamayang, o re: “Ntho e nngwe eo re ikemiseditseng ho e finyella, ke ho thusa ba seng ba kgathalletswe ke pere le ho ithuta Bibele le batho ba bangata.” O bolela hore yena le mosadi wa hae ba se ba ithuta Bibele le batho ba 15. Ba boetse ba re ba thusitse le Bakreste ba bang ba neng ba se ba kgathalletswe ke pere hore ba qale ho tla dibokeng.

Morabo rona Allan eo re buileng ka yena pejana o re: “Hona jwale re kgona ho qeta nako e ngata re le tshimong. Re rata ho bolela molaetsa wa Bibele ka ditoroli. Re rata le ho sebetsa tshimo ya kgwebo le ho qoqa le baahisani ba rona ka Bibele. Ebile ba babedi ba bona ba se ba kile ba tla dibokeng.”

Haeba o morabo rona ya seng a tlohetse boikarabelo bo boima, ho ntse ho na le dintho tse ding tse ngata tseo o ka thusang bahlanka ba Modimo ka tsona. O ka kenya letsoho ka hore o kwetlise barababo rona ba ntseng ba le batjha ka phuthehong ka ha wena kgale o di bona. Morabo rona Russell eo re buileng ka yena pejana, yena o re: “Jehova o kwetlisa le ho sebedisa barababo rona ba ntseng ba le batjha ba nang le talenta. Phutheho e rua molemo haholo ho bara bana babo rona, hobane ba sa le mahlahahlaha ebile ba na le bokgoni ba ho ruta le ho disa mohlape o tlhokomelong ya bona.”—Sheba lebokose le reng “Ruta Banna ba Batjha Dilemong ho Jara Boikarabelo bo Eketsehileng.”

Barababo rona ba hodileng ba ka thusa ka ditsela dife?

  • Morabo rona ya hodileng o memetse monna wa moradiwabo rona eo e seng Paki dibokeng

    Ba ka ithuta Bibele le balekane ba baradibabo rona

  • Morabo rona ya hodileng le molekane wa hae ba ithuta Bibele le motho

    Ba ka thusa Bakreste ba seng ba kgathalletswe ke pere mme hape ba ithuta Bibele le batho ba bang

  • Morabo rona ya hodileng o bolela molaetsa wa Bibele ka terole

    Ba ka eketsa tshebeletso ya bona

JEHOVA O ANANELA BOTSHEPEHI BA LONA

Haeba haufinyana o sa tswa tlohela boikarabelo bo boholo ka mokgatlong, o se ke wa nyahama. Etswe o se o thusitse batho ba bangata hore ba fetole bophelo ba bona, ebile re a tseba hore o tla tshwara tsoho leo. Batho ba ne ba o rata mme kgodiseha hore ba tla nne ba o rate.

Ka hodima tsohle, o iketseditse lebitso le letle mahlong a Jehova. Le ka mohla a ke ke a lebala “mosebetsi wa lona le lerato leo le ileng la le bontsha bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebeleditse bahalaledi mme le tswela pele ho sebeletsa.” (Baheb. 6:10) Temana ena e lokela ho le kgodisa hore mosebetsi wa lona ha e ya ba wa lefeela ho Jehova. O le nka le le ba bohlokwa hoo a ke keng a lebala seo le mo etseditseng sona le boiteko boo le tswelang pele ho bo etsa tshebeletsong.

Ho thweng ka wena moholo e motjha ya fuweng boikarabelo bo eketsehileng? Le wena taba ena e ntse e ka nna ya o tswela kgomo. Empa ka tsela efe?

Haeba o ikamahanya le barababo rona ba hodileng ba tlohetseng boikarabelo bo boholo, o ka rua molemo o moholo boiphihlelong ba bona. Mo kope keletso. Mamela ditlhahiso tsa hae. Mme o ithute ho yena ka ho mo shebella ha a ntse a phetha kabelo e ntjha eo a e fuweng hona jwale.

Ebang o morabo rona ya hodileng ya seng a sebeletsa boemong bo bong, kapa o mora kapa moradiwabo rona ya ruang molemo ho bao ba jwalo, dula o hopola hore Jehova o ananela botshepehi ba bahlanka ba hae ba mo sebeleditseng ka dilemolemo le ba ntseng ba tswela pele ho etsa jwalo.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share