LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • w19 November leq. 31
  • Na o ne o Tseba?

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Na o ne o Tseba?
  • Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
w19 November leq. 31
Mehleng ya Egepeta, motsamaisi o ne a hlokomela mosebetsi oo basebetsi ba o etsang

Na o ne o Tseba?

Ke mosebetsi ofe oo motsamaisi wa mehleng ya Bibele a neng a o etsa?

MEHLENG ya Bibele, mosebetsi wa motsamaisi e ne e le ho hlokomela thepa le ntlo ya motho e mong. Hangata Seheberu le Segerike se fetoletse lentswe “motsamaisi” e le molebedi kapa mohlokomedi wa ntlo.

Ha Josefa e leng mora wa mopatriareka Jakobo e ne e le lekgoba Egepeta, e ile ya eba motsamaisi wa ntlo ya monga hae. Ha e le hantle Josefa eo monga hae e neng e le Moegepeta, o ile “a tlohela ntho e nngwe le e nngwe ya hae matsohong a Josefa.” (Gen. 39:2-6) Ha morao ha Josefa e se e le mmusi ya matla Egepeta, o ile a kgetha motsamaisi hore a hlokomele ntlo ya hae.​—Gen. 44:4.

Mehleng ya Jesu teng, beng ba matlo ba ne ba dula toropong, hole le dipolasi tsa bona. Ka hoo, ba ne ba kgetha batsamaisi e le hore ba hlokomele mosebetsi wa letsatsi le letsatsi o neng o etswa polasing.

Empa ke mang ya neng a tshwaneleha hore e be motsamaisi? Mongodi wa Moroma wa mehleng ya kgale e leng Columella, o ile a fana ka keletso ya hore lekgoba le neng le kgethilwe hore e be molebedi kapa motsamaisi, e ne e lokela hore e be “motho ya tsebang mosebetsi hantle.” Hape e ne e lokela ho ba motho ya tla “etsa bonnete ba hore batho ba etsa mosebetsi ntle le hore a ba halefele.” O ile a boela a re ntho ya bohlokwa eo motsamaisi a lokelang ho e etsa, ke hore a se ke a nahana hore o tseba ntho e nngwe le e nngwe empa e be motho ya ikemiseditseng ho ithuta dintho tse ding.

Lentswe la Modimo le etsa mohlala ka motsamaisi le mosebetsi wa hae, ha le hlalosa mosebetsi o etswang ka phuthehong ya Bokreste. Ka mohlala, moapostola Petrose o kgothalletsa Bakreste hore ba sebedise bokgoni boo Modimo a ba fileng bona, “ho sebeletsaneng jwalo ka batsamaisi ba kgabane ba mosa o sa tshwanelang.”​—1 Pet. 4:10.

Jesu le yena o ile a sebedisa papiso ya motsamaisi mohlaleng wa hae o tlalehilweng ho Luka 16:1-8. Ho feta moo, boprofeteng bo neng bo bua ka pontsho ya ha Jesu e se le Morena, Jesu o ile a kgodisa balatedi ba hae hore o tla kgetha “lekgoba le tshepahalang le le masene” kapa “motsamaisi ya tshepahalang.” Mosebetsi o ka sehloohong oo motsamaisi enwa a neng a tla o etsa, e ne e tla ba ho fa balatedi ba Kreste dingolwa le divideo nakong ena ya matsatsi a ho qetela. (Mat. 24:45-47; Luka 12:42) Ka nnete re motlotlo hore ebe re fumana dingolwa tse re matlafatsang tumelo, tseo motsamaisi ya tshepahalang a di hlophisitseng le ho etsa hore di fumanehe lefatsheng lohle.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share