PHELA JWALOKA MOKRESTE
Thusa Lelapa la Hao Hore le Hopole Jehova
Jeremia o ile a fuwa taelo ya hore a lemose Bajuda ka kahlolo e neng e tlo ba wela hobane ba ne ba lebetse Modimo wa bona, e leng Jehova. (Jer 13:25) Ho tlile jwang hore setjhaba see se be boemong bo? Malapa a Baiseraele a ile a lahla kamano eo a neng a ena le yona le Jehova. Ho totobetse hore dihlooho tsa malapa di ne di sa latele tataiso ya Jehova e ho Deuteronoma 6:5-7.
Ha malapa a le matla tumelong, a bopa diphutheho tse matla. Dihlooho tsa malapa di ka thusa malapa a tsona hore a hopole Jehova ka ho ba le Borapedi ba Lelapa bo hlasimollang ba kamehla. (Pes 22:27) Kamora hore le shebelle video e nang le sehlooho se reng: “Mantsoe Ana . . . a be Pelong ea Hao”—Lipuisano Tsa Lelapa, arabang dipotso tsena:
Malapa a mang a ile a sebetsana jwang le diteko tseo hangata di bang teng mabapi le borapedi ba lelapa?
Ho ba le Borapedi ba Lelapa bo hlasimollang ba kamehla ho na le melemo efe?
Ha ho tluwa tabeng ya borapedi ba lelapa, ke ditshitiso dife tseo ke bang le tsona, mme nka sebetsana le tsona jwang?