PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ho Hlokomela Dibaka Tsa Rona Tsa Borapedi
Diholo tsa rona tsa Mmuso ha se mehaho feela, ke dibaka tsa borapedi tse nehetsweng ho Jehova. Kaofela ha rona re ka kenya letsoho jwang bakeng sa ho hlokomela Holo ya Mmuso? Ha le qeta ho shebella video ya Ho Hlokomela Dibaka Tsa Rona Tsa Borapedi buisanang ka dipotso tse latelang.
Diholo tsa Mmuso di sebedisetswang?
Ke hobaneng ha re lokela ho boloka Holo ya Mmuso e hlwekile ebile e le maemong a matle?
Ke mang ya etsang bonnete ba hore Holo ya Mmuso e maemong a matle?
Ke hobaneng ha tshireletseho e le ya bohlokwa, hona o bone mehlala efe ya tshireletseho videong?
Re ka tlotlisa Jehova jwang ka menehelo ya rona?