MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | EZEKIELE 32-34
Boikarabelo bo Boima ba Molebedi
Hangata boikarabelo ba ho ba molebedi e ne e le ho dula marakong a motse le ditoreng e le ho lemosa batho ha kotsi e tla. Jehova o ile a kgetha Ezekiele hore e be yena “molebedi wa ntlo ya Iseraele” wa tshwantshetso.
Ezekiele o ile a lemosa Baiseraele hore ba ne ba tla ahlolwa haeba ba sa tlohele ditsela tsa bona tse mpe
Ke molaetsa ofe kajeno oo re o phatlalatsang o tswang ho Jehova?
Ezekiele o ne a tla pholosa bophelo ba hae le ba batho ba bang ka ho ba lemosa
Keng e lokelang hore susumelletsa ho bolela molaetsa o potlakileng oo Jehova a re fileng ona?