PHELA JWALO KA MOKRESTE
Kamoo o ka Bang Moithuti ya Kgothetseng wa Lentswe la Modimo
Na o ka rata ho tshepahala jwalo ka Daniele ha o le tlasa teko? Daniele o ne a kgothalletse ho ithuta Lentswe la Modimo ho akarelletsa le boprofeta bo tebileng. (Dan 9:2) Ho kgothalla ho ithuta Bibele ho tla o thusa hore o dule o tshepahala. Ka tsela efe? Sena se ka matlafatsa tumelo ya hao ho Jehova hore ditshepiso tsa hae di tla phethahala. (Jos 23:14) Lerato la hao ho Modimo le tla hola, mme seo se tla o susumelletsa ho etsa dintho tse nepahetseng. (Pes 97:10) Empa o ka etsa see jwang? Ela hloko ditlhahiso tse latelang.
Nka Ithuta ka Eng? Lenaneo la kamehla la ho ithuta le akarelletsa hore o lokisetse diboka. Mmalo wa hao wa Bibele wa beke le beke o tla o tswela molemo haeba o ipha nako ya ho batlisisa ka dintho tseo o sa di utlwisiseng. Ho feta moo, ba bang ba kgethile ho ithuta ho eketsehileng ka boprofeta bo ka Bibeleng, ka ditholwana tsa moya, ka maeto a borumuwa a moapostola Pauluse kapa ka popo ya Jehova. Haeba ho na le potso eo o ipotsang yona, e ngole fatshe ebe ka mora moo o ipha nako ya ho batlisisa ka yona.
Nka fumana boitsebiso hokae? O ka shebella video e reng Dithulusi Tsa ho Batlisisa Matlotlo a ka Bibeleng e le hore o tle o fumane moo o ka etsang dipatlisiso. Ho bona hore na o se o tseba boitsebiso bo bokae, etsa dipatlisiso ka dibata tse tlalehilweng ho Daniele kgaolo ya 7.
Ke lokela ho ipha nako e kae ya ho ithuta Bibele? Ho ithuta kamehla ho tla o thusa hore o dule o na le kamano e ntle le Jehova. O ka qala ka ho iketsetsa lenaneo la ho bala le le kgutshwanyane, ha nako e ntse e ya, o ka eketsa nako ya hao ya ho bala. Ha o ithuta Lentswe la Modimo, ho tshwana le ha eka o batla matlotlo a patilweng, mme ha o ntse o fumana matlotlo a eketsehileng, o tla batla ho ithuta haholwanyane ka Lentswe la Modimo! (Lipr 2:3-6) Tabatabelo ya hao ya ho ithuta Lentswe la Modimo e tla hola ebile ho bala Bibele e tla ba ntho eo o e etsang kamehla.—1Pe 2:2.
DIBATA TSE HLAHANG HO DANIELE KGAOLO YA 7 DI EMELANG?
POTSO E NNGWE:
Daniele 7:8, 24 e ile ya phethala jwang?
SEO O KA ITHUTANG SONA HAPE:
Dibata tse hlahang ho Tšenolo kgaolo ya 13 di emelang?