MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOELE 1-3
“Bara ba Lona le Baradi ba Lona ba Tla Profeta”
Bakreste ba tlotsitsweng ba nka karolo ho profeteng. Ba bolela “dimakatso tsa Modimo” mme ba phatlalatsa “ditaba tse molemo tsa Mmuso.” (Lik 2:11, 17-21; Mat 24:14) Dinku tse ding di ba tshehetsa ka ho nka karolo mosebetsing ona
Ho ‘ipiletsa lebitsong la Jehova’ ho bolelang?
Ho tseba lebitso la hae
Ho hlompha lebitso la hae
Ho itshetleha ka yena le ho mo tshepa
Ipotse, ‘Nka tshehetsa batlotsuwa jwang mosebetsing wa ho profeta?’