Le hoja Paseka e ne e sa bolele diketsahalo tse neng di tla etsahala ka Sehopotso, ho na le dintho tse ding tse neng di sebediswa ka Paseka tse bolelang ho hong ho rona. Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a bitsa Jesu “Paseka ya rona.” (1Ko 5:7) Feela jwalo ka ha madi a konyana a neng a fafaditswe dikoseneng tsa monyako a ile a pholosa bophelo, madi a Jesu le ona a pholosa bophelo. (Ex 12:12, 13) Hape, konyana ya Paseka ha e ya ka ya rojwa masapo. Jesu le yena ha ho lesapo la hae le ileng la rojwa, le hoja e ne e le tlwaelo ho roba masapo a batho ba neng ba ahloletswe lefu.—Ex 12:46; Joh 19:31-33, 36.