LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb18 April leq. 8
  • Ho Bolela le ho Ruta ho Bohlokwa Bakeng sa ho etsa Barutuwa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Ho Bolela le ho Ruta ho Bohlokwa Bakeng sa ho etsa Barutuwa
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • Dintlha tse Ding
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding ka ho Thusa ba Nang le “Tshekamelo e Nepahetseng” Hore Ebe Barutuwa
    Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
  • O ka Kgona ho Etsa Batho Barutuwa
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang)—2021
Bukana ya Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona ya January 2018
mwb18 April leq. 8

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Ho Bolela le ho Ruta ho Bohlokwa Bakeng sa ho Etsa Barutuwa

Jesu o laetse balatedi ba hae hore ba ye ba lo etsa barutuwa. (Mat 28:19) Ho etsa sena ho akarelletsa ho bolela le ho ruta. Nako le nako re lokela ho ipotsa, ‘Nka ntlafatsa tsela ya ka ya ho bolela le ho ruta jwang?

HO BOLELA

Ho e na le hore re emele batho ba tle ho rona, re lokela ho sebetsa ka thata ho batla ba “tshwanelehang.” (Mat 10:11) Ha re le tshimong, na re dula re fadimehetse ho sebedisa monyetla o mong le o mong ho bua le batho “letsatsi le leng le le leng.” (Lik 17:17) Lydia ebile morutuwa ka lebaka la hore moapostola Pauluse o ne a bolela ka tjheseho.—Lik 16:13-15.

Samuel o fana ka makasine ho Ezekiel; Solomon le Mary ba pakela Ezekiel le Abigail

“Jala peo ya hao hoseng mme o se ke wa dumella letsoho la hao hore le phomole ho fihlela ka shwalane” (Moe 11:6)

SHEBELLA VIDEO E RENG, TSWELA PELE HO PAKA ‘O SA KGAOTSE’—KA HO PAKA NENG LE NENG LE E RENG KA NTLO LE NTLO, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Mosebetsing wa hae wa letsatsi le letsatsi, Samuel o ile a bontsha jwang hore o sebetsa ka thata ho jala peo ya nnete?

  • Ke hobaneng ha re lokela ho ba le mamello ha re paka ka mekgwa e fapaneng?

  • Ke bo mang bao o ka buwang le bona ka molaetsa wa Mmuso ha o ntse o etsa mosebetsi wa hao wa letsatsi le letsatsi?

HO RUTA

E le hore re etse barutuwa, ha re a lokela ho siya dingolwa feela. Re boetse re lokela ho etsa maeto a ho boela re be re kganne dithuto tsa Bibele e le hore re thuse batho ho hatela pele. (1Ko 3:6-9) Le ha ho le jwalo, ho thweng haeba matsapa ao re a etsang a ho ruta ka Mmuso ha a be le diphello tseo re di lebelletseng? (Mat 13:19-22) Re lokela ho tswela pele re batlana le bao dipelo tsa bona di leng jwalo ka “mobu o motle.”—Mat 13:23; Lik 13:48.

Solomon le Mary ba kgannela Ezekiel le Abigail thuto ya Bibele; Ezekiel le Abigail ba paka phatlalatsa

“Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Modimo a nna a hodisa” (1Ko 3:6)

SHEBELLA VIDEO E RENG, TSWELA PELE HO PAKA ‘O SA KGAOTSE’—KA HO PAKA PHATLALATSA LE E RENG KA HO ETSA BARUTUWA, EBE O ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Solomon le Mary ba ile ba nosetsa peo ya nnete e neng e le ka dipelong tsa Ezekiel le Abigail jwang?

  • Sepheo sa rona e lokela ho ba sefe ha re etsa mefuta e fapaneng ya tshebeletso, ho akarelletsa le ho paka phatlalatsa?

  • Re ka etsa jwang hore ho ruta batho nnete e be yona ntho ya bohlokwa?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share