MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LUKA 10-11
Papiso ya Mosamaria ya Molemo
Ha Jesu a etsa papiso ena o ne a araba potso e reng, “Ha e le hantle moahelani wa ka ke mang?” (Lu 10:25-29) Jesu o ne a tseba hore phutheho ya Bokreste e ne e tla thehwa ka batho ba “mefuta yohle” ho akarelletsa Basamaria le Baditjhaba. (Joh 12:32) Papiso ena e rutile balatedi ba Jesu hore ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se kgonang ho rata batho ba bang esita le ba merabe e meng.
IPOTSE:
‘Na ke rata bara le baradibabo rona ba merabe e meng?’
‘Na ke qeta nako e ngata le batho ba thabelang dintho tseo ke di thabelang?’
‘Na ke ikemiseditse ho tlwaela Bakreste mmoho le nna ba tswang ditsong tse fapaneng?’ (2Ko 6:13)
Nka mema mang ho . . .
sebetsa le nna tshimong?
ntjhakela lapeng re tlo ja?
tla Borapeding ba rona ba Lelapa bo latelang?