PHELA JWALO KA MOKRESTE
Ho Ntlafatsa Tsebo ya Rona Boboleding Ka ho Tseba ho Sebedisa JW.ORG
KE HOBANENG HA HO LE BOHLOKWA: Sengolwa se seng le seng se ka hara Dintho Tseo re ka di Sebedisang ho Ruta Batho Bibele se isa motho ho jw.org. Ha e le hantle karete ya boitsebiso le pampitshana ya Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae? di etseditswe ho lebisa batho websaeteng ya rona. O ka tsamaisa sengolwa ka elektronike se ka hara Dintho Tseo re ka di Sebedisang ho Ruta Batho Bibele ka e-mail kapa ka ho romela link o sebedisa jw.org. Ho etsa jwalo ho ka re thusa haholo ha re pakela motho ya buang puo e nngwe. Ho ekelletsa moo, batho ba ka nna ba botsa dipotso tseo dikarabo tsa tsona di sa fumaneheng ka hara Dintho Tseo re ka di Sebedisang ho Ruta Batho Bibele. Ha re tseba ho sebedisa websaete hantle re tla atleha mosebetsing wa boboledi.
KAMOO O KA HO ETSANG KATENG
Sebedisa karolo ya “DITHUTO TSA BIBELE” Ha re re o pakela motswadi ya ka thabelang ho tseba haholwanyane ka ho hodisa ngwana. E ya ho DITHUTO TSA BIBELE > LENYALO LE LELAPA.
Sebedisa karolo ya “DINGOLWA” Ha re re o paka ha o fumana monyetla sekolong mme o batla ho fa ngwana eo o kenang le yena bukana ya Dikarabo Tsa Dipotso Tse 10 Tseo Batjha ba di Botsang. E ya ho DINGOLWA > DIBUKA LE DIBUKANA.
Sebedisa karolo ya “MABAPI LE RONA” Ha re re o pakela mosebetsi mmoho le wena ya ka thabelang ho bala ka bokgutshwanyane ka dintho tseo re di dumelang. E ya ho MABAPI LE RONA > DIPOTSO TSE ATISANG HO BOTSWA.
SHEBELLA VIDEO E RENG TSEBA HO SEBEDISA JW.ORG, EBE O A SHEBA HORE NA O KA YA HOKAE WEBSAETENG HO THUSA:
motho ya sa dumeleng hore Modimo o teng
motho ya qetang ho hlahelwa ke maemo a bohloko
mora kapa moradiwabo rona ya seng a sa kopanele
motho eo o kgutlelang ho yena ya ntseng a ipotsa ho re na mosebetsi wa rona o tshehetswa jwang ka ditjhelete
motho ya tswang naheng e nngwe ya batlang ho ya sebokeng naheng