MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | JOHANNE 20-21
“Na o Nthata ho Feta Tsee?”
Mehleng ya Bibele, batshwasi ba ditlhapi ba atlehileng ba ne ba na le mamello ebile ba ikemiseditse ho sebetsa ka thata, ho sa tsotellehe mathata ao ba neng ba kopana le ona. (w12 8/1 18-20) Makgabane ao a ne a tla thusa Petrose hore e be motshwasi wa batho ya atlehehileng. Le ha ho le jwalo, Petrose o ne a lokela etsa qeto ya hore na kgwebo ya hae ya ho tshwasa ditlhapi e tla tla pele bophelong ba hae kapa na ho fepa balatedi ba Jesu moyeng ho ne ho tla tla pele bophelong ba hae.
Ke diphethoho dife tseo o di entseng e le hore Mmuso o tle pele bophelong ba hao?