PHELA JWALO KA MOKRESTE
“Mpho Bakeng sa Jehova”
Ke jwang re ka “ithaopelang ho fana ka mpho bakeng sa Jehova”? (1Likr 29:5, 9, 14) Ho na le ditsela tse mmalwa tseo re ka ithaopelang ho ntsha monehelo ka tsona bakeng sa ho tsehetsa mosebetsi o etswang ke Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle.
MENEHELO E NTSHWANG KA INTHANETE KAPA E KENNGWANG KA MABOKOSENG A MONEHELO E TSHEHETSA:
MOSEBETSI O ETSWANG LEFATSHENG LOHLE
ho hahwa ha meaho ya makala le diofisi tsa phetolelo
dikolo tsa tshebeletso
basebeletsi ba nako e tletseng
diphallelo
ho printa, kgatiso ya divideo le ho hlahisa dingolwa inthaneteng
DITSHENYEHELO TSA PHUTHEHO
ditshenyehelo tsa phutheho tse akarelletsang dintho tse sebediswang bakeng sa ho hlokomela Holo ya Mmuso
qeto eo phutheho e e entseng ya ho romela tjhelete lekaleng bakeng sa:
ho haha Holo ya Mmuso le ya Kopano lefatsheng lohle
Tokisetso ya ho Thusa Lefatshe Lohle
mesebetsi e meng e etswang lefatsheng lohle
DIKOPANO TSE KGOLO LE TSE NYANE
Menehelo e ntshwang kopanong ya setereke e iswa mosebetsing wa lefatshe lohle. Ebe ka mora moo, ditshenyehelo tsa kopano ya setereke, kopano e kgethehileng le kopano ya matjhaba di patalwa ho tswa ho menehelo ya lefatshe lohle.
Menehelo e ntshwang kopanong ya potoloho e sebedisetswa ho renta le ho hlokomela diholo tsa dikopano hammoho le ditshenyehelo tse ding tse amanang le kopano. Potoloho e ka etsa qeto ya ho ntsha tjhelete mosebetsing wa lefatsheng lohle wa Dipaki Tsa Jehova.