MATLOTLO A TSWANG BIBELENG | LIKETSO 23-24
O Qoswa ka ho ba Motho ya Kotsi Haholo le ya Hlohlelletsang Bofetohedi
23:12, 16; 24:2, 5, 6, 10-21
Bajuda ba Jerusalema ba ile “ba itlama ka bomadimabe” e le hore ba bolaye Pauluse. (Lik 23:12) Le ha ho le jwalo, e ne e le thato ya Jehova hore Pauluse a ye Roma a ilo bolela ditaba tse molemo. (Lik 23:11) Motjhana wa Pauluse o ile a utlwa ka morero ona yaba o bolella Pauluse e le hore a se ke a bolawa. (Lik 23:16) Tlaleho ee e re ruta eng ka . . .
boiteko bofe kapa bofe bo ka etswang ba ho sitisa morero wa Modimo?
ditsela tseo Modimo a di sebedisang ho re thusa?
ho ba sebete?