PHELA JWALO KA MOKRESTE
“Pauluse o ile a Leboha Modimo Mme a ba Sebete”
Ha phutheho ya Roma e utlwa hore Pauluse o a tla, sehlopha sa barababo rona se ile sa tsamaya dikhilomithara tse ka bang 64 ho mo kgahlanyetsa. Pauluse o ile a ikutlwa jwang ha a bona boitelo boo? “Ha Pauluse a re hedi! mme a ba bona, a leboha Modimo mme a ba sebete.” (Lik 28:15) Le hoja Pauluse a ne a tsebahala ka ho matlafatsa diphutheho, lekgetlong lena ke yena ya ileng a kgothatswa ka ha o ne a tshwerwe.—2Ko 13:10.
Kajeno balebedi ba potoloho ba ya diphuthehong e le hore ba matlafatse bara le baradibabo rona. Jwalo ka mang le mang, ka dinako tse ding ba na le ho kgathala, ho tshwenyeha le ho nyahama. Nakong eo molebedi wa potoloho a tlang phuthehong ya heno le mosadi wa hae, o ka etsa eng ho ba thusa hore ba be sebete, e le hore “ho ka ba le ho kgothatsana hara lona”?—Bar 1:11, 12.
Eba teng dibokeng tsa tshimo. Molebedi wa potoloho o a kgothala ha bahweletsi ba itela e le hore ba rue molemo bekeng ya ketelo. (1Th 1:2, 3; 2:20) Nahana ka ho ba pulamadiboho ya thusang kgweding ya ketelo. O ka ithaopela ho tsamaya tshimo le molebedi wa potoloho le mosadi wa hae kapa wa ya le e mong wa bona thutong ya hao ya Bibele. Ba thabela ho sebetsa le bahweletsi ba fapaneng ho akarelletsa le ba sa tswa ho ba bahweletsi kapa ba ikutlwang eka ha ba na bokgoni tshimong.
Eba le kamohelo ya baeti. O ka fana ka marobalo kapa wa ba memela dijong. Ho etsa jwalo ho bontsha molebedi wa potoloho le mosadi wa hae hore o a ba rata. Ha ba lebella dintho tsa maemo a hodimo.—Lu 10:38-42.
Mamela keletso le tataiso mme o di sebedise. Ka lerato molebedi wa potoloho o re thusa ho hlokomela ka moo re ka ntlafatsang tshebeletso ya rona ho Jehova ka teng. Ka dinako tse ding a ka tlameha ho kgalemela ka matla. (1Ko 5:1-5) O a thaba ha re ikokobetsa ebile re mamela.—Heb 13:17.
Bontsha kananelo. Jwetsa molebedi wa potoloho le mosadi wa hae ka moo o ruang molemo ka teng ka boiteko ba bona. O ka ba jwetsa sena ka molomo kapa ka ho ba ngolla karete.—Kol 3:15.