LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb19 March leq. 7
  • Sebedisa Divideo ho Ruta Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Sebedisa Divideo ho Ruta Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Dintlha tse Ding
  • O Ithutileng Karolong ya 2?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Tse Ka Hare
    Fadimehang!—2019
  • Sebedisa “O ka Thaba ka ho sa Feleng!” Tshimong
    Bophelo ba Bokreste le Tshebeletso ya Rona-Bukana ya Seboka sa-2021
  • O Ithutileng Karolong ya 4?
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Tse Ding
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
mwb19 March leq. 7
Moradiwabo rona o bontsha motho eo a ithutang Bibele le yena video

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Sebedisa Divideo ho Ruta Batho Bao o Ithutang Bibele le Bona

Divideo le ditshwantsho di hapa tlhokomelo ya motho ebile di mo thusa ho hopola le ho utlwisisa seo a ithutang sona. Jehova e leng Morupedi e Moholo o ne a sebedisa dintho tseo batho ba di bonang ho ba ruta dithuto tsa bohlokwa. (Ge 15:5; Jer 18:1-6) Jesu e leng Mosuwe e Moholo le yena o ile a etsa se tshwanang. (Mat 18:2-6; 22:19-21) Divideo ke tse ding tsa dintho tse ipakileng di sebetsa dilemong tsa morao tjena. Na o sebedisa divideo ha o ruta batho Bibele?

Ho na le divideo tse leshome tse etseditsweng ho re thusa ha re ruta batho dithuto tse bukaneng ya Ditaba Tse Molemo Tse Tswang ho Modimo! Video ka nngwe e tsamaisana le tse ding tsa dihlooho tse fumanwang ka hara bukana ena. Bukana e websaeteng, e na le link e o hopotsang hore na o tlameha ho bapala video neng. Ho feta moo, ho na le divideo tse tsamaisanang le dingolwa tse hlahang ho Dintho Tseo re ka di Sebedisang ho Ruta Batho Bibele.

Na ho na le sehlooho seo motho eo o ithutang Bibele le yena a thatafallwang ke ho se utlwisisa? Kapa na o na le bothata boo a tobaneng le bona? Batla video e ka mo thusang ho tse hlahang ho jw.org® le JW Broadcasting®. Mohlomong wena le yena le ka shebella e nngwe ya tsona mme la qoqa ka yona.

Ho tswa divideo tse ntjha kgwedi le kgwedi. Ha o ntse o di shebelletse, nahana ka moo o ka di sebedisang ho thusa ba bang.

DIVIDEO TSE TSAMAISANANG LE DIHLOOHO TSE KA HARA BUKANA YA DITABA TSE MOLEMO

  • Video e reng Na Modimo o na le Lebitso?

    Thuto ya 2

    Na Modimo o na le Lebitso?

  • Video e reng Mongodi wa Bibele ke Mang?

    Thuto ya 3

    Mongodi wa Bibele ke Mang?

  • Video e reng Re ka Kgodiseha Jwang Hore Bibele e Nepahetse?

    Re ka Kgodiseha Jwang Hore Bibele e Nepahetse?

  • Video e reng Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?

    Thuto ya 4

    Ke Hobaneng ha Jesu a ile a Shwa?

  • Video e reng Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe?

    Thuto ya 5

    Ke Hobaneng ha Modimo a Bopile Lefatshe?

  • Video e reng Ho Etsahalang ka Batho ba Hlokahetseng?

    Thuto ya 6

    Ho Etsahalang ka Batho ba Hlokahetseng?

  • Video e reng Mmuso wa Modimo Keng?

    Thuto ya 7

    Mmuso wa Modimo Keng?

  • Video e reng Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mathata?

    Thuto ya 8

    Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mathata?

  • Video e reng Na Modimo o Amohela Madumedi Ohle?

    Thuto ya 10

    Na Modimo o Amohela Madumedi Ohle?

  • Video e reng Na Modimo o Mamela Dithapelo Tsohle?

    Thuto ya 12

    Na Modimo o Mamela Dithapelo Tsohle?

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share