LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb19 June leq. 7
  • Kgetha Boithabiso ka Bohlale

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Kgetha Boithabiso ka Bohlale
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
  • Dintlha tse Ding
  • Kgetha ho Ithabisa ka Tsela e Tla Kgahlisa Jehova
    O ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Re Lokela ho Kgetha Boithabiso ba Mofuta Ofe?
    Ka Moo o ka Dulang o Ratwa ke Modimo
  • Efa Jehova Boinehelo bo Kgethehileng
    Tora ya ho Lebela e Tsebahatsa Mmuso wa Jehova (E Ithutwang—2019
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
mwb19 June leq. 7

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Kgetha Boithabiso ka Bohlale

Ke hobaneng ha re lokela ho kgetha boithabiso ka bohlale? Hobane ha re kgetha filimi eo re tla e shebella, pina eo re tla e mamela, websaete eo re tla e sheba, buka eo re tla e bala kapa papadi ya video, re kgetha ntho eo re e kenyang dikelellong tsa rona. Dintho tseo re di etsang di susumetswa ke diqeto tsa rona. Ka maswabi, boithabiso bo bongata kajeno bo bontsha dintho tseo Jehova a di hloileng. (Pes 11:5; Gal 5:19-21) Ka lebaka leo, Bibele e re kgothalletsa hore re tswele pele re nahana ka dintho tse tlotlisang Jehova.​—Fil 4:8.

SHEBELLANG VIDEO E RENG KE LOKELA HO KGETHA BOITHABISO BO JWANG? EBE KA MORA MOO LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Papadi ya ntwa ya mehleng ya Roma

    Dipapadi tsa mehleng ya Roma tsa ntwa di tshwana jwang le boithabiso bo bong ba mehleng ee?

  • Morabo rona wa pulamadiboho o tshebeletsong ya tshimo le morabo rona ya monyane dilemong

    Ditho tsa phutheho di ka thusa batjha hore ba kgethe boithabiso ka bohlale jwang?

  • Lesole

    Baroma 12:9 e lokela ho ama boithabiso boo re bo kgethang jwang?

  • Batjha ba Dipaki ba bapala bolo

    Ke boithabiso bofe bo nepahetseng sebakeng sa heno?

NA O TLA KGETHA BOITHABISO BO ETSANG HORE O DULE FEELA KAPA O BE MAHLAHAHLAHA?

Boithabiso boo batho ba bo ratang kajeno bo etsa hore ba be botswa ho e na le hore ba be mahlahahlaha. Difilimi, dibuka le mananeo a thelebeshene di bontsha mohanano wa motho e mong eseng wa hao. Batho ba bangata ba hlokometse hore boithabiso bo etsang hore ba be mahlahahlaha bo molemo ho feta bo etsang hore ba dule feela. Ka mohlala, ba bang ba thabela ho bapala diletsa tsa mmino kapa ho taka ditshwantsho. Ba bang ba ithabisa ka ho bapala, ho sesa kapa ho tantsha. Ho sa tsotellehe hore na re kgetha boithabiso bofe, e se e ka re ka ‘etsa dintho tsohle bakeng sa thoriso ya Modimo.’​—1Ko 10:31.

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share