LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • mwb19 August leq. 8
  • Mesebetsi e Metle e ke Keng ya Lebalwa

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Mesebetsi e Metle e ke Keng ya Lebalwa
  • Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
Bukana ya Seboka sa Bophelo le Tshebeletso——2019
mwb19 August leq. 8
Moradiwabo rona o sebetsa ka kitjhineng Bethele

PHELA JWALO KA MOKRESTE

Mesebetsi e Metle e ke Keng ya Lebalwa

Batho ba Jehova kaofela ba ka kgona ho mo etsetsa dintho tseo a ke keng a di lebala. Feela jwalo ka motswadi ya ratang bana ba hae mme a sa lebale dintho tse ntle tseo ba di entseng, Jehova le yena ha a lebale mesebetsi eo re e entseng le lerato leo re ileng ra le bontsha ka lebaka la lebitso la hae. (Mat 6:20; Heb 6:10) Ke nnete hore bokgoni le maemo a rona ha a tshwane. Le ha ho le jwalo, haeba re etsa sohle seo re ka se kgonang tshebeletsong ya rona ho Jehova, re tla thaba. (Gal 6:4; Kol 3:23) Dilemong tse ngata tse fetileng, bara le baradibabo rona ba bangata ba sebeleditse Bethele. Na o ka kgona ho ithaopela ho sebeletsa Bethele? Haeba o ke ke wa kgona, na o ka kgothalletsa motho e mong ho ithaopela ho ya sebeletsa teng, kapa wa thusa motho ya se ntse a sebeletsa Bethele hore a tswele pele ka tshebeletso ena e kgethehileng?

SHEBELLANG VIDEO E RENG IKETSE YA FUMANEHANG HO YA SEBELETSA BETHELE, EBE KA MORA MOO LE BUISANA KA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke eng e lokelang ho o susumetsa hore o sebeletse Bethele?

  • Batho bang ba reng ka ditlhohonolofatso tseo ba di fumanang ka ho sebeletsa Bethele?

  • Ho hlokahala eng hore motho a tshwanelehe ho sebeletsa Bethele?

  • O lokela ho etsa eng hore o sebeletse Bethele?

Barababo rona ba bararo ba Bethele ba sebetsa hammoho khompiyutheng; morabo rona o paka dingolwa ka mabokoseng; morabo rona o etsa mosebetsi wa ho betla mapolanka Bethele

Se hlokahalang hore motho a tshwanelehe ho Sebeletsa Bethele

  • Ho rata Jehova le mokgatlo wa hae haholo

  • Ho ba le boitshwaro bo botle le letswalo le se nang molato ka pela Jehova

  • Ho apara le ho itlhopha ka tsela eo Mokreste a lokelang ho apara ka yona

  • Ho kgetha boithabiso bo loketseng Mokreste

  • Ho ba le dilemo tse pakeng tsa 19 le 35

  • Ho phela hantle maikutlong, mmeleng, le kelellong

  • Ho ba le bokgoni ba ho bala, ho ngola, le ho bua hantle puo e sebediswang lekaleng

  • Ho ikemisetsa ho dula Bethele bonyane selemo

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share